Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 11:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 hobane e ne e le Jehova ya thstsfaditseng pelo tsa bona hore ba lwantshe Iseraele, a tle a ba timetse, ba tle ba se ke ba bona mohau, a mpe a ba fedise, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

See the chapter Copy

BIBELE

20 Morena o ne a thatafaditse dipelo tsa bona, hore ba tle ba lwantshe Baiseraele, e le hore ba tle ba timetswe ho hang, ba se ke ba hauhelwa; ba timetswe jwalokaha Morena a laetse Moshe.

See the chapter Copy




Joshua 11:20
24 Cross References  

Yaba Absalome le Baiseraele bohle, ba re: Keletso ya Hushai Moarke e ntle haholo ho fetisa keletso ya Akitofele. Athe ke Jehova ya neng a laetse hore ho senngwe keletso e ntle ya Akitofele, e le hore Jehova a hlahisetse Absalome kotsi.


Morena a hana jwalo ho mamela setjhaba; ya eba taba e hlahisitsweng ke Jehova, hore a tle a phethe taba ya hae, eo Jehova a e boleletseng Jeroboame, mora Nebathe ka Akija wa Silo.


Ka morero wa Modimo, ketelo ya Akasia ha a etela Jorame ya etswa lebaka la timelo ya hae. Eitse hobane a fihle, ba tswela le Jorame ho ya kgahlanyetsa Jehu, mora Nimshi, eo Jehova a neng a mo tlotsitse hore a timetse ntlo ya Akabe.


A re a sa bua, morena a re ho yena: Na re o entse neng moeletsi wa morena? Tloha! O ratelang ho otlwa? Yaba moporofeta o tloha, a re: Ke tseba hoba Modimo o rerile ho o timetsa, kahobane o entse hoo, mme o sa ka wa mamela keletso ya ka.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Eya ho Faro, hobane ke thatafaditse pelo ya hae le dipelo tsa bahlanka ba hae, hore ke tle ke etse dipontsho tsena tsa ka pela hae;


Moshe le Aarone ba ne ba entse mehlolo eo kaofela pela Faro, empa Jehova o na a thatafaditse pelo ya Faro, mme ha a ka a lesela bana ba Iseraele hore ba tswe naheng ya hae.


Haele nna, bona, ke tla thatafatsa pelo tsa Baegepeta, ba tle ba le sale morao, mme ke tla tlotleha ka Faro le ka sera sa hae kaofela, ka makoloi a hae, le ka bapalami ba hae.


Ke tla thatafatsa pelo ya Faro, a tle a ba phallele, mme ke tla itlotlisa ka Faro le ka sera sa hae kaofela, Baegepeta ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova. Yaba ba etsa jwalo.


Jehova a thatafatsa pelo ya Faro, morena wa Egepeta, hore a phallele bana ba Iseraele; hobane bana ba Iseraele ba ne ba tswile ka letsoho le phahameng.


Jehova a re ho Moshe: Ha o ntse o tsamaya, o boela Egepeta, o lemohe mehlolo yohle eo ke e beileng letsohong la hao, o tle o e etse pela Faro, empa nna ke tla thatafatsa pelo ya hae, hore a se ke a lokolla setjhaba, hore se tsamaye.


Empa Jehova a thatafatsa pelo ya Faro, mme ha a ka a ba utlwa, jwalokaha Jehova a ne a boleletse Moshe.


Empa ke o tloheletse hona hoo, ke bonahatse matla a ka ka wena, le hore lebitso la ka le tume lefatsheng lohle.


Jehova wa makgotla o hlapantse, a re: Ruri, seo ke se hopotseng, se tla etsahala; le seo ke se rerileng, se tla hlaha.


Hobane Jehova o halefetse ditjhaba tsohle, o halefetse makgotla a tsona kaofela; o di neetse thohako, o di neetse lefu.


Ha ho le jwalo, o hauhela eo o ratang ho mo hauhela, mme o thatafatsa eo o ratang ho mo thatafatsa.


Empa Sihone, morena wa Heshbone, a hana ho re nea sebaka sa ho feta ha hae; hobane Jehova, Modimo wa hao, o ne a thatafaditse moya wa hae, a sataladitse le pelo ya hae, hore a mo neele matsohong a hao, jwalokaha ho le jwalo kajeno.


O tla fedisa ditjhaba tsohle tseo Jehova, Modimo wa hao, a tla o neela tsona; mahlo a hao a se ke a di qenehela, mme o se ke wa sebeletsa medimo ya tsona, hobane hoo e ka ba leraba ho wena.


Haele ntatae le mmae, ba ne ba sa tsebe hobane taba eo e tswa ho Jehova; athe Samsone o ne a batla sebaka sa ho lwantsha Bafilesta; hobane mohlang oo, Bafilesta ba ne ba busa Baiseraele.


Ha motho e mong a sitelwa e mong, Modimo o tla mo ahlola; empa ha motho a sitelwa Jehova, o tla rapellwa ke mang? Leha ho le jwalo, ba se ke ba utlwa lentswe la ntata bona, hobane Jehova o ne a se a hopotse ho ba timetsa.


Follow us:

Advertisements


Advertisements