ho tloha thabeng e phollatsi e nyolosetsang Seire ho ya fihla Baale-Gade, sekgutlong sa Lebanone, katlase ho thaba ya Hermone; a tshwara le marena wohle a teng, a a hlaba, a a bolaya.
Joshua a hapa lefatshe lohle jwalo, a etsa ka tsohle tseo Jehova a neng a di boleletse Moshe, mme Joshua a le nea Iseraele hore ba le rue, ka methapo ya bona le ka meloko ya bona; mme lefatshe la phomola, ntwa e le siyo.