43 Yaba Joshua le Baiseraele bohle ba ho yena ba boela diahelong tse Gilgale.
43 Jwale Joshua, a ena le Baiseraele bohle, a kgutlela diahelong tsa hae Gilegale.
le Bethe-Gilgale, le naheng ya Geba le Asmavethe; hobane dibini di ne di ikgahetse metse ka nqa tsohle ho Jerusalema.
Yaba Joshua le Baiseraele bohle ba nang le yena ba kgutlela diahelong tse Gilgale.
Marena ao wohle le mafatshe a wona Joshua a a hapa kaofela ka nako e le nngwe, hobane Jehova, Modimo wa Iseraele, a ne a lwanela Baiseraele.
Jabine, morena wa Hatsore, ha a utlwa tseo, a romela ho Jobabe, morena wa Madone, le ho morena wa Shimrone, le ho morena wa Aksafe,
Ke oo mokgwa oo setjhaba se tswileng hara Jordane ka letsatsi la leshome la kgwedi ya pele, mme ba emisa Gilgale, ka nqa botjhabela ho Jeriko.
Yaba Samuele o re ho setjhaba: Tloong, re yeng Gilgale, re boeleng re tiise borena hona teng.