Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 10:40 - Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Joshua a hlola fatshe leo lohle jwalo, le dithaba, le naha e ka nqa borwa, le mahwatata, le maralla, le marena wohle a teng; ha a ka a siya motho le a mong, a mpa a timetsa bohle ba phelang, jwalokaha Jehova, Modimo wa Iseraele, a ne a laetse.

See the chapter Copy

BIBELE

40 Ka mokgwa o jwalo, a bolaya baahi ba naha eo yohle e maralla, le e ka borwa, le e diphuleng, le e matswapong, le dikgosi tsohle tsa yona; a se ke a siya le ya mong. Tsohle tse phelang a di timetsa ho hang, jwalokaha Morena Modimo wa Iseraele, a ne a laetse.

See the chapter Copy




Joshua 10:40
26 Cross References  

Ha e se e le morena, a bolaya ba ntlo yohle ya Jeroboame, a se ke a siya le a mong ya phelang ha Jeroboame, a ba a ba qeta, jwalokaha Jehova a ne a boletse ka mohlanka wa hae Akija wa Silo.


Bana ba bona ba fela ba kena, ba rua lefatshe; wa kokobetsa pela bona ba neng ba ahile lefatsheng leo, e leng Bakanana, mme wa ba neela matsohong a bona hammoho le marena a bona le ditjhaba tsa lefatshe, hore ba etse ka tsona kamoo ba ratang kateng.


Bakgopo ba leba nqalong ya bafu, ho jwalo le ditjhaba kaofela tse lebetseng Modimo.


O tle o iponele, esere mohlomong wa etsa selekane le ba ahileng fatsheng leo o tla fihla ho lona, ba tle ba se ke ba o fetohela leraba.


Moshe a ba roma ho ya hlwela naha ya Kanana, a re ho bona; Le kene ho yona ka nqa borwa, mme le hlwelle dithabeng,


Sokolohang, le tsamaye, le ye thabeng ya Baamore le ditjhabeng tsohle tse bapileng le bona, lehwatateng, le thabeng, le thoteng, le nqa borwa, le lebopong la lewatle, naheng ya Bakanana, le Lebanone, ho ya fihla nokeng e kgolo, e leng noka ya Eufrate.


Motsotsong oo, ra hapa metse yohle ya hae, ra e neela anathema, le banna, le basadi, le bana, re se ke ra tlohela le a mong ya phonyohang.


O tla neela marena a tsona matsohong a hao, mme o tla hlakola mabitso a wona tlasa lehodimo; ha ho motho ya tla tseba ho ema pela hao, ho fihlela o ba qeta kaofela.


Tsatsing lona leo, ba o kena, ba bolaya ba teng ka bohale ba lerumo; ka lona letsatsi leo a timetsa batho bohle ba teng, jwalokaha a ne a entse Lakishe.


Ba o kena, ba bolaya ba teng ka bohale ba lerumo, le morena wa teng, le metse yohle ya teng, le batho bohle ba yona; a se ke a siya motho le a mong, jwalokaha a ne a entse Eglone; a o fedisa le batho bohle ba teng.


A o kena, a bolaya le morena wa teng, a kena le metse yohle ya teng; ba bolaya batho bohle ba teng ka bohale ba lerumo, ba ba timetsa; ha a ka a siya motho le a mong; jwalokaha a ne a entse ka Hebrone, a etsa jwalo le ka Debire le ka morena wa teng, jwalokaha a ne a entse le ka Libna le ka morena wa teng.


Joshua a hapa lefatshe leo lohle, ka dithaba, le naha yohle e ka nqa borwa, le lefatshe lohle la Goshene, le dikgutlo, le lehwatata, le dithaba tsa Iseraele, le dikgutlo tsa tsona,


dithaba, le dikgutlo, le mahwatata, le maralla, le lefeela, le naha e ka nqa borwa; e leng lefatshe la Bahethe, le la Baamore, le la Bakanana, le la Baferese, le la Baheve, le la Bajebuse.


Metse ya leloko la Benjamine ka matlo a bona ke Jeriko, Bethe-Hogla, Emeke-Ketsitse,


Motse o tla etswa anathema ho Jehova, ka ntho tsohle tse ho wona; ke Rahaba wa sehlola feela ya tla phela, yena le bohle ba nang le yena ka tlung ya hae, hobane o patile manqosa a romilweng ke rona.


Etsa ho Ai le ho morena wa teng jwalokaha o entse ho Jeriko le ho morena wa teng; feela tse tla hapjwa teng, le dikgomo tsa teng, e tle e be mafohlo a lona. Bea mekgahlelo kamora motse.


Feela, Baiseraele ba ikgapela makgomo le mesebetsi ya motse oo, jwalokaha Jehova a ne a laetse Joshua.


Ba fetola Joshua, ba re: Ka baka la hobane bahlanka ba hao ba ne ba boleletswe haholo kamoo Jehova, Modimo wa hao, a laetseng mohlanka wa hae Moshe kateng, hore le neelwe lefatshe lohle, mme le timetse pela lona bohle ba ahileng lefatsheng lena; ke kahoo re tshabaneng haholo le bophelo ba rona, ka ho le tshaba, mme ra etsa jwalo.


Follow us:

Advertisements


Advertisements