Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 10:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Ebile Joshua le Baiseraele bohle ba nang le yena ba feta Makkeda, ba ya Libna, mme ba lwantsha Libna.

See the chapter Copy

BIBELE

29 Joshua, a ena le Baiseraele bohle, a tloha Makeda, a ya Lebena, mme a futuhela motse wa Lebena.

See the chapter Copy




Joshua 10:29
14 Cross References  

Rabshake a kgutla, a fihlela morena wa Assiria a lwantsha Libna; hobane o ne a utlwile ha ho thwe, o tlohile Lakishe.


Leha ho le jwalo, Baedomo ba nna ba fetohela Juda, ho fihlela kajeno; le motse wa Libna wa fetohela Juda mohlang oo.


Leha ho le jwalo, Baedomo ba fetohela Juda ho fihlela tsatsi lena. Mehleng yona eo, mose wa Libna le wona wa mo fetohela, kahobane ba ne ba furaletse Jehova, Modimo wa bontata bona.


Rabshake a kgutla, a fihlela morena wa Assiria a lwantsha Libna, hobane o ne a utlwile hoba o tlohile Lakishe.


Tsedekia o ne a le dilemo tse mashome a mabedi ha a bewa morena, mme a busa ka dilemo tse leshome le motso o mong Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Hamuthale, moradi wa Jeremia wa Libna.


Ba tloha Rimmone-Peretse, ba emisa Libna.


Tsatsing leo, Joshua a kena Makkeda, mme a bolaya ba teng ka bohale ba lerumo, a timetsa le morena wa teng le batho bohle ba teng; ha a ka a siya motho le a mong teng; a etsa ho morena wa Makkeda jwalokaha a ne a entse ho morena wa Jeriko.


Jehova a o neela matsohong a Baiseraele, le yena morena wa teng; a bolaya bohle ba teng ka bohale ba lerumo, a se ke a siya motho le a mong teng, a mpa a etsa ho morena wa teng jwalokaha a ne a entse ho morena wa Jeriko.


e mong ke morena wa Libna; e mong, ke morena wa Adullame;


Libna, Ethere, Ashane,


Bana ba moprista Aarone ba newa Hebrone le meraka ya wona, e le motse wa setshabelo sa mmolai; le Libna le meraka ya wona;


Ba etsa ntho tsohle tse motseng anathema, banna le basadi, bana le maqheku, le makgomo, le manku, le diesele; ba di timetsa ka bohale ba lerumo.


Etsa ho Ai le ho morena wa teng jwalokaha o entse ho Jeriko le ho morena wa teng; feela tse tla hapjwa teng, le dikgomo tsa teng, e tle e be mafohlo a lona. Bea mekgahlelo kamora motse.


A fanyeha morena wa Ai sefateng se seng, ya ba ya eba mantsiboya; letsatsi ha le dikela, Joshua a laela hore ba fanyolle setopo sa hae sefateng, mme sa lahlelwa pela kgoro ya motse; hodima sona ba qhobela qubuhadi ya majwe; e sa le teng le kajeno.


Follow us:

Advertisements


Advertisements