Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 10:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Joshua le bana ba Iseraele ba qetella ho ba bolaya ka polao e kgolo, ba ba timeletsa; ba phonyohileng bona ba kena metseng e marako.

See the chapter Copy

BIBELE

20 Ha Joshua le bana ba Iseraele ba qetile ho ba rinya, ho fihlela ba ba ba timela, haese masalla a bona a ileng a kena metseng e nang le diqhobosheane;

See the chapter Copy




Joshua 10:20
12 Cross References  

Ka baka leo, Davida a re ho Abishai: Jwale, Sheba, mora Bikri, o tla re senyetsa ho feta Absalome; eya, wena le bahlanka ba monga hao, o mo phallele, esere mohlomong a bona metse e marako, a re phonyohela jwalo.


Le morena wa Iseraele a tswa hae, a qhala bapalami le ba makoloing, a bolaya Basiria ba bangatangata.


Abija le batho ba hae ba ba bolaya jwalo ka polao e kgolo, ha ba ha wa ho Baiseraele batho ba kgethilweng ba dikete tse makgolo a mahlano.


Bolellang Juda, le tsebise Jerusalema, le re: Letsang terompeta lefatsheng, howeletsang, le tlerole, le re: Phuthehang, re kene metseng ya diqhobosheane.


Re ituletse keng? Phuthehang, re kene metseng e diqhobosheane, re tle re felle teng, hobane Jehova, Modimo wa rona, o ya re fedisa, o ya re nosa metsi a mahloko, hobane re sitetswe Jehova.


Empa haele metse ya ditjhaba tsena Jehova, Modimo wa hao, a o fang lefatshe la tsona ho le rua, o se ke wa lesa ntho e phefumolohang e phela;


Jehova a ba qhalanya pela Baiseraele, a ba bolaela Gibeone haholo; Baiseraele ba ba phallela moepeng wa Bethe-Horone, ba ba timetsa ho ya fihla Aseke le Makkeda.


empa le se ka la ema; le phallele dira tsa lona, le bolaye marao a tsona; le se ka la dumela hobane ba kene metseng ya bona; hobane Jehova, Modimo wa lona, o ba neetse matsohong a lona.


Jwale, setjhaba sohle sa boela ka kgotso diahelong ho Joshua, Makkeda, ho se motho ya sebang bana ba Iseraele ka leleme la hae.


Joshua a kena le metse yohle ya marena ao, a bolaya marena wohle a teng, a a timetsa ka bohale ba lerumo, a a fedisa, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Jehova, a ne a laetse.


Jehova a ba neela matsohong a Baiseraele, ba ba qhala, mme ba ba phallela ho ya fihla Sidone e moholo, le Misrefothe-Maime, le ho ya fihla sekgutlong sa Mitspe, ka nqa botjhabela; ba ba bolaya, ha se ke ha eba le motho ya phonyohang.


Baiseraele, eitse hobane ba qete ho bolaya ba ahileng Ai, naheng le lefeelleng, moo ba ba phalletseng teng, bohle ha ba dihilwe ka bohale ba lerumo, ba se ba timetse, Baiseraele bohle ba kgutlela Ai, ba bolaya le ba teng ka bohale ba lerumo.


Follow us:

Advertisements


Advertisements