Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




BaFilipi 2:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Le se ke la etsa letho ka kgang, leha e le ka boithoriso ba lefeela, empa e mong le e mong, ka boikokobetso, a lekanye hobane ba bang ba mo fetisa.

See the chapter Copy

BIBELE

3 Le se ke la etsa letho ka kgang kapa ka boithoriso ba lefeela, empa ka boikokobetso e mong le e mong wa lona a nke ba bang ba le baholo ho yena.

See the chapter Copy

Baasraak Sotho NT

3 Le se ke la etsa letho ka kgang, leha e le ka boithoriso ba lefeela; empa ka boikokobetso, e mong le e mong a nke ba bang ba le molemo ho yena.

See the chapter Copy

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Le se ke la etsa letho ka kgang, leha e le ka boithoriso ba lefeela; empa ka boikokobetso, e mong le e mong a nke ba bang ba le molemo ho yena.

See the chapter Copy




BaFilipi 2:3
24 Cross References  

Boikgohomoso bo hlahisa phapang feela; empa bohlale bo ho ba mamelang keletso.


Ke a le bolella, enwa o theohetse tlung ya hae a beilwe ya lokileng ho feta wa pele. Hobane e mong le e mong ya ikgodisang o tla kokobetswa; empa ya ikokobetsang o tla hodiswa.


Tlwaelanang hamonate ka lerato la boena; le nne le beane pele ka hlomphano.


Re tsamayeng ka mokgwa o tshwanelang, jwaloka batho ba tsamayang motshehare o moholo, e seng ka meharo, le botahwa, le bootswa, le dikgang, le mona.


empa ba ngangellang, ba sa utlweng nnete, ba utlwang ho sa lokang, o ba nee kgalefo le bohale.


hobane ke e monyenyane ho baapostola, mme ha ke a lokela ho bitswa moapostola, kahobane ke hlorisitse kereke ya Modimo.


hoba le sa le ba nama. Hobane haele moo mona o sa le teng hara lona, le diphapang, na ha le ba nama na? na ha le ye ka mokgwa wa batho na?


Hobane ke a tshoha hoba, ekaba mohla ke tlang, ke tla le fumana le se jwalokaha nka le rata, mme le nna le tla fumana ke se jwalokaha le rata, mme mohlomong ke tla fihlela dikgang, le mehono, le diphapang, le dikomang, le ditshebo, le diketselletso, le boikgohomoso, le meferefere.


Empa ekare ha le lomana, mme le jana, iponeleng esebe la fedisana.


Re se keng ra batla boithoriso ba lefeela, ka ho phephetsana, le ka ho honohelana.


ka boikokobetso bohle, le ka mosa, le ka sebete, le ntse le mamellana ka lerato.


Ikokobetseng e mong ho e mong, le ntse le tshaba Kreste.


Etsang tsohle le sa ngongorehe, le sa dikadike;


Le apare ke hona, kaha le le bakgethwa ba Modimo, ba halalelang, ba ratwang, maikutlo a mohau, a molemo, a boikokobetso, a bonolo, a mamello.


Empa jwale, lahlang le lona, ntho tseo kaofela, e leng bohale, le ho itshena, le lonya, le dinyefolo; mme polelo e dihlong e se ke ya tswa melomong ya lona.


o ikgohomositse, ha a tsebe letho, mme o jewa ke leru la diphetolano le la dikgang tse hlahisang mona, le dikomang, le dinyefolo, le diplaelo tse mpe,


Haele ka ho hong, ke re: Bohle le be le kgopolo e le nngwe, le hauhelane, le ratane le baena, le be le mohau, le be le mosa;


Le lona ba batjha, ipeeng katlase ho ba baholo, mme le apare bohle boikokobetso, le ntse le ipea e mong katlase ho e mong; hobane Modimo o hanela ba ikgohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.


Follow us:

Advertisements


Advertisements