Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




BaFilipi 1:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Mme hape, ka baka la ho kgolwa ke hoo, ke a tseba hoba ke tla nne ke be teng, ke nne ke dule le lona bohle, le tle le hole, mme le thabe tumelong;

See the chapter Copy

BIBELE

25 Jwale ke kgodisehile, mme ke a tseba hore ke tla nne ke phele, ke dule le lona bohle, le tle le fumane katleho le thabo tumelong.

See the chapter Copy

Baasraak Sotho NT

25 Mme ka tshepo eo, ke a tseba hore ke tla nne ke dule, ke be ke nne le lona bohle, ke tle ke be le thabo ya tumelo ya lona.

See the chapter Copy

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Mme ka tshepo eo, ke a tseba hore ke tla nne ke dule, ke be ke nne le lona bohle, ke tle ke be le thabo ya tumelo ya lona.

See the chapter Copy




BaFilipi 1:25
17 Cross References  

Modimo o boletse sehalalelong sa wona, wa re: Ke tla hlola! Ke tla arola Sikeme, ke lekanye sekgutlo sa Sukkothe.


empa nna ke o rapeletse hore tumelo ya hao e tle e se ke ya fela. Jwale, wena, etlere hobane o bake, o tiise banabeno.


Eitse ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, mme a ba kgothatsa kaofela ho tiisetsa ho Morena ka pelo e pheheletseng.


ba ntse ba tiisa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, mme ba ba lekanyetsa hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.


Mme jwale bonang, ke a tseba hobane, haele lona kaofela, bao ke tsamaileng ke bolela Evangeli hara lona, ha ho e mong ya tla boela a bone sefahleho sa ka.


Jwale, Modimo wa tshepo o le tlatse ka thabo yohle le ka kgotso yohle tumelong, tshepo ya lona e tle e ekeletswe ka matla a Moya o Halalelang.


Hobane nka sitwa ho bolela letho leo Kreste a sa kang a le etsa ka nna, ho tlisa baditjhaba kutlong, ka dipolelo le ka mesebetsi,


Mme ke tseba hore ha ke etla ho lona, ke tla tla ka hlohonolofatso e ngata ya Evangeli ya Kreste.


e leng yena eo hape re boneng ka yena, ka tumelo, katamelo mohaung ona, oo re emeng ho wona, mme re ithorisetsa tshepong ya kganya ya Modimo.


e seng hore re na le puso hodima tumelo ya lona, empa re le sebedisa tse le thabisang, hobane efela le eme ka tumelo.


Empa ka baka la lona, ho fetisang ka molemo ke ha nka nna ka ba nameng.


Hape, ke kgolwa Moreneng hoba le nna ke tla tla kapele ho lona.


Hape, o ntokisetse ntlo; hobane ke tshepile hore ke tla le newa ka merapelo ya lona.


eo le mo ratang, leha le sa ka la mmona; eo, leha le eso ho mmone ho fihlela jwale, le dumetseng ho yena, mme le nyakallang ka thabo e sa bolelweng, e tlotlehang;


Follow us:

Advertisements


Advertisements