Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




BaFilipi 1:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ho nang? Kreste o ntse a bolelwa ka mekgwa yohle, leha e le ka boiketsiso, leha e le ka nnete; mme ke thabile ke hona, mme ke ya nne ke thabe.

See the chapter Copy

BIBELE

18 Ho nang? Ha feela Kreste a ntse a bolelwa ka mokgwa ofe kapa ofe, e ka ba ka boiketsiso kapa ka nnete, hoo ho a nthabisa, mme ke tla nne ke ho thabele.

See the chapter Copy

Baasraak Sotho NT

18 Joale ho thoe’ng? Leha ho le joalo, ka litsela tsohle, leha e le ka boikaketsi, kapa ka ’nete, Kreste oa boleloa; mme ke moo ke a thaba, e, mme ke tla thaba.

See the chapter Copy

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Joale ho thoe’ng? Leha ho le joalo, ka litsela tsohle, leha e le ka boikaketsi, kapa ka ’nete, Kreste oa boleloa; mme ke moo ke a thaba, e, mme ke tla thaba.

See the chapter Copy




BaFilipi 1:18
13 Cross References  

Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo; athe lona, ha le kene teng, mme ba ratang ho kena ha le ba dumelle ho kena.


ba metsang matlo a basadi ba bahlolohadi, ka ho re, ba ba etsetsa merapelo e melele. Ba tla ahlolwa ka kahlolo e fetisisang.


Empa ha ba ka ba utlwisisa polelo eo, ya ba sirela, hore ba se ke ba e utlwisisa, mme ba tshaba ho mmotsa hodima lentswe leo.


Empa Jesu a re ho yena: Le se ke la mo hanela; hobane ya sa re lwantsheng, o a re lwanela.


Mme jwale, keng? Hleka re fetisa baditjhaba na? Tjhe, le hanyenyane; hobane re se re bontshitse pele hore bohle, leha e le Bajuda, leha e le Bagerike, ba sebeng,


Mme keng? Na a re tla etsa sebe, kahobane re se pusong ya molao, re mpa re le pusong ya mohau na? Tjhe, ho se ke ha eba jwalo!


Ha ho le jwalo, ke reng? Na ke re, setshwantsho ke ntho na? Kapa se hlabetsweng medimo ke ntho na? Ha ke rialo.


Nka etsa jwang na? Ke tla rapela ka moya, mme le hona ke tla rapela ka kelello; ke tla bina ka moya, mme le hona ke tla bina ka kelello.


Mme leha e le nna, leha e le bona, re ruta jwalo, mme le dumetse jwalo.


Ke tswe ke tseba hobane hoo ho tla mphetohela polokeho ka merapelo ya lona, le ka tshitso ya Moya wa Jesu Kreste,


Follow us:

Advertisements


Advertisements