Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 8:9 - BIBELE

9 karolo ya boraro ya dibopuwa tse phelang lewatleng ya eshwa, le karolo ya boraro ya dikepe ya timetswa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 mme karolo ya boraro ya dibopuwa tse phelang, tse lewatleng, ya eshwa, le karolo ya boraro ya dikepe ya timela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Mme karolo ya boraro ya dibopuwa tse ka lewatleng, tse nang le bophelo, ya eshwa; mme karolo ya boraro ya dikepe ya timela.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Mme karolo ya boraro ya dibopuwa tse ka lewatleng, tse nang le bophelo, ya eshwa; mme karolo ya boraro ya dikepe ya timela.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 8:9
13 Referencias Cruzadas  

Tsa tshwarwa ke thothomelo, ya di tshwara hona moo, le bohloko bo kang ba pelehi;


Ditlhapi tse ka nokeng tsa eshwa, noka ya nkga phu! mme Baegepeta ba nyonya ho nwa metsi a tswang nokeng. Madi a ba hohle naheng ya Egepeta.


le dikepe tsohle tsa Tarashishe, le mesebetsi yohle e kgahlang mahlo.


Bona ke boporofeta malebana le Tire: Bokollang lona dikepe tsa Tarashishe, hobane Tire e ripitlilwe, ha ho sa na ntlo, ha ho sa na kou ya dikepe! Tsebiso ena e tswa naheng ya Kitime, e senoletswe ba naha ya Tire.


Hara naha yohle,” ho rialo Morena, “ke tla otla karolo tse pedi tsa mohlape, ke di otle, ke be ke di timetse, ya boraro yona e sale e phela.


Ena ya boraro e tla feta hara mollo, ke e hlwekise sa silefera ha e hlwekiswa, ke e hlahlobe sa kgauta ha e hlahlojwa. Tjhaba sa ka se tla ipiletsa ho nna, jwale nna ke tla se araba, ke re: ‘Sena ke sona setjhaba sa ka,’ mme sona se tla bolela, se re: ‘Morena ke yena Modimo wa rona.’ ”


Ka mohatla wa yona e ne e hulanya karolo e le nngwe ho tse tharo ya dinaledi tsa lehodimo, mme ya di lahlela lefatsheng. Kganyapa ya fihla ya ema kapele ho mosadi ya makgatheng a ho beleha, e le hore e tle e kwenye ngwana wa hae hang hoba a belehuwe.


Lengeloi la bobedi la qhalla lefiswana la lona lewatleng, mme lewatle la fetoha madi a kang a motho ya qetang ho shwa. Yaba dintho tsohle tse phelang lewatleng di a shwa.


Lengeloi la boraro la letsa terompeta, mme naledi e kgolo, e tukang jwaloka serumola, ya wa lehodimong. Ya wela hodima karolo ya boraro ya dinoka, le hodima didiba.


Lengeloi la bone la letsa terompeta, mme kotlo ya wela karolo ya boraro ya letsatsi, le karolo ya boraro ya kgwedi, le karolo ya boraro ya dinaledi; e le hore ho fifatswe karolo ya boraro ya tsona. Ha fifala karolo ya boraro ya motsheare le ya bosiu ka ho tshwana.


La pele la letsa terompeta, mme sefako le mollo, di tswakane le madi, tsa tsholohela lefatsheng. Karolo ya boraro ya lefatshe ya etjha, le karolo ya boraro ya difate ya etjha, le jwang bohle bo botala ba etjha.


Yaba ho lokollwa mangeloi ao a mane, a neng a se a itokiseditse hora, le letsatsi, le kgwedi, le selemo, e leng nako eo a tla bolaya karolo ya boraro ya batho ka yona.


Karolo ya boraro ya batho ya bolawa ka dikotlo tsena tse tharo, e leng mollo, le mosi, le sebabole, tse betsehang melomong ya tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos