Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 8:4 - BIBELE

4 Mosi wa mokubetso, hammoho le dithapelo tsa bahalaledi, wa nyolohela ho Modimo o etswa letsohong la lengeloi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Mosi wa dibano o tswang letsohong la lengeloi wa nyolohela ho Modimo, o ena le merapelo ya bahalaledi.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Mosi wa dibano, o neng o etswa merapelong ya bahalaledi, wa nyoloha kapele ho Modimo o etswa letsohong la lengeloi.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Mosi wa dibano, o neng o etswa merapelong ya bahalaledi, wa nyoloha kapele ho Modimo o etswa letsohong la lengeloi.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 8:4
7 Referencias Cruzadas  

Thapelo ya ka e nyolohele ho wena, e nyolohe jwaloka mokubetso, ke phahamise matsoho a ka e le nyehelo ya mantsiboya.


“O tla etsa aletare, moo ho tla tjhesetswa mokubetso teng; o tla e etsa ka dithupa tsa sefate sa mositsane.


Le lefiswana le le leng la kgauta, leo boima ba lona e neng e le dikeramo tse lekgolo le leshome, le tletseng mokubetso.


mme bongata bohle ba batho bo ne bo rapela kantle ka nako ya ha ho kubetswa.


A le tadima, a tshoha, mme a re: “Keng, Morena?” La re ho yena: “Dithapelo le dithuso tsa hao ho mafutsana di amohelehile ho Modimo, mme o o hopotse.


Tempele ya tlala mosi o tswang tlotleng ya Modimo le matleng a hae, hoo ho neng ho se motho ya ka kenang ka tempeleng, dikotlo tse supileng tse tliswang ke mangeloi a supileng di eso phethahale.


Lengeloi le leng la tla, la ema pela aletare le tshwere pitsa ya kgauta eo ho tjhesetswang mokubetso ka ho yona. La newa mekubetso e mengata, hore le tle le nyehele ka yona, le ka dithapelo tsa bahalaledi bohle, hodima aletare ya kgauta e kapele ho terone.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos