Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 8:1 - BIBELE

1 Eitse ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa bosupa, lehodimong ha kgutsa nako e ka bang halofo ya hora.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Eitse hobane Konyana e manolle tiiso ya bosupa, ha kgutsa, ha re tu lehodimong ka motsotso o ka fihlang bohareng ba hora.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Eitse hobane e manolle tiiso ya bosupa, ha kgutsa lehodimong ka nako e ka etsang halofo ya hora.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Eitse hobane e manolle tiiso ya bosupa, ha kgutsa lehodimong ka nako e ka etsang halofo ya hora.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 8:1
14 Referencias Cruzadas  

Sa re themelele! Ke ntse ke tadimile, sa sona sobepeho ke sa se tsebe! Sa ema kapela mahlo a ka, ha didimala, ka utlwa lentswe le nyenyetsa, le re:


Kgoba matshwafo, o lebelle Morena; o se ke wa itlhonamisa ka eo tsohle di mo atlang, e leng ya phethang merero e kgopo.


Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini; ya Jedutune.


Morena yena o ka Tempeleng ya hae, Tempele ya hae e halalelang; fatshe lohle le ke le kgutse kapela hae.”


Lona batho bohle, kgutsang ha le le kapele ho Morena, hobane o tswa ka Tempeleng ya hae e halalelang.”


Ba ya, ba tiisa lejwe la lebitla ka letshwao la bona, ba siya balebedi ho le lebela ka thata.


Ka letsohong le letona la ya dutseng teroneng, ka bona buka e ngotsweng kamahohle, e bitietsweng ka dibitielo tse supileng.


Ba ne ba bina sefela se setjha, ba re: “Ho a o lokela ho nka buka le ho kgomarolla dibitielo tsa yona, hobane o ile wa hlajwa, mme ka madi a hao wa lopollela Modimo batho ba meloko yohle, le ba dipuo tsohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba mefuta yohle.


Jwale ka bona ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa pele sa dibitielo tse supileng, mme ka utlwa se seng sa dibopuwa tse phelang, se bua ka lentswe le kang modumo wa letolo, se re: “Tloo!”


Jwale ka bona ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa botshelela; tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng, letsatsi la ntshofala jwaloka lesela la bofifi, le entsweng ka boditse, kgwedi yohle ya tlerefala jwaloka madi,


Yare ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa bobedi, ka utlwa sebopuwa sa bobedi se phelang, se re: “Tloo!”


Yare ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa boraro, ka utlwa sebopuwa sa boraro se phelang, se re: “Tloo!” Ka tadima, mme ka bona pere e ntsho, ya e palameng a nkile sekala ka letsohong la hae.


Yare ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa bone, ka utlwa lentswe la sebopuwa sa bone se phelang, le re: “Tloo!”


Yare ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa bohlano, katlasa aletare ka bona meya ya ba ileng ba bolawa ka baka la lentswe la Modimo, le ka baka la bopaki boo ba neng ba ena le bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos