Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 7:10 - BIBELE

10 Ba ne ba howa ka mantswe a phahameng, ba re: “Tlholo ke ya Modimo wa rona ya dutseng teroneng, le ya Konyana.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 ba ntse ba howa ka mantswe a phahamileng, ba re: Poloko ke ya Modimo wa rona, o dutseng teroneng, le ya Konyana.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Ba howa ka lentswe le phahamileng, ba re: Poloko ke ya Modimo wa rona o dutseng teroneng, le ho Konyana.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Ba howa ka lentswe le phahamileng, ba re: Poloko ke ya Modimo wa rona o dutseng teroneng, le ho Konyana.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 7:10
26 Referencias Cruzadas  

O se ke wa re nea tlotla, Morena, o se ke wa e nea rona, o mpe o e nee lebitso la hao, ka baka la mohau wa hao le botshepehi ba hao.


Thusa, Morena! O mpholose, Modimo wa ka, wena ya jabelang dira tsa ka tsohle marameng, ya pshatlang mehlaare ya ba kgopo.


Pholoho ya ba lokileng e tswa ho Morena, ke yena setshabelo sa bona nakong ya tlokotsi.


“Nna, nna ke inotshi, ke Morena, kantle ho nna ha ho Mopholosi.


Ruri o Modimo ya ipatileng, wena Mopholosi, Modimo wa Iseraele.


Atamelang le bolele taba tsa lona, tlisang medimo ya lona e eletsane. Ke mang ya boletseng see e sa le kgale? Ke mang ya se phatlaladitseng mehleng e fetileng? Na e ne e se nna Morena? Ha ho modimo e mong kantle ho nna, Modimo ya lokileng le Mopholosi; ha ho e mong haese nna feela.


Ho rapella hodima maralla ha ho thuse letho, lereberebe le hodima dithaba ha le thuse letho; ruri Morena, Modimo wa rona, ke yena Mopholosi wa Baiseraele.


Empa Morena o re: “Ke nna Morena Modimo wa hao, ho tloha ha o le naheng, naheng ya Egepeta. Ha o a ka wa ba le Modimo e mong kantle ho nna, hobane ha ho Mopholosi e mong kantle ho nna.


Ha e le nna ke tla o nyehella ka sehlabelo, ke ntse ke o binela ka teboho, ke phetha le tsona dikano tsa ka. Pholoho e tswa ho Morena!”


“Wena thabahadi towe! O eng? Kapele ho Serubabele o tla batalla feela, mme ho wena, yena o tla kgephola lejwe la ho qetela la Tempele, a le bee tulong tsa lona, ho ntse ho etswa ditlatse, ho thwe: ‘Le letle hakaakang! Le letle hakaakang!’ ”


Wena Moradi wa Sione nyakalla haholo! Wena Moradi wa Jerusalema etsa ditlatse! Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena; e lokile, e tlisa topollo, e ikokobeditse, e palame tonki, e palame petsana ya tonki.


mme batho bohle ba tla bona ho pholosa ha Modimo.’ ”


Ka la hosasane Johanne a bona Jesu a etla ho yena, mme a re: “Bonang Konyana ya Modimo e tlosang sebe sa lefatshe!


Yare ha a bona Jesu a feta, a re: “Bonang Konyana ya Modimo!”


Lona le kgumamela seo le sa se tsebeng; rona re kgumamela seo re se tsebang, hobane pholoho e tswa ho Bajuda.


hobane ke ka mohau le pholositsweng ka ho dumela. Hona hase ho tswang ho lona, ke mpho ya Modimo;


Lehodimong ka utlwa lentswe le phahameng, le re: “Jwale tlholo, le matla, le puso, e se e le tsa Modimo wa rona, le borena ke ba Mesia wa hae, hobane ho dihetswe fatshe moqosi wa bana babo rona, ya neng a ba qosa kapele ho Modimo wa rona, motsheare le bosiu.


Kamorao ho tsena ka utlwa ho kang modumo wa letshwelehadi le buang lehodimong, le re: “Haleluja! Tlholo, le tlotla, le matla ke tsa Modimo wa rona,


Ya dutseng teroneng a re: “Bona, ke ntjhafatsa tsohle.” A ba a re: “Ngola: Dipolelo tsena di a tshepahala, ke tsa nnete.”


Thohako e ke ke ya hlola e eba teng. Terone ya Modimo le ya Konyana e tla ba teng motseng oo, mme bahlanka ba hae ba tla mo sebeletsa.


Kapele ho terone ho ne ho ka lewatle le kang kgalase, le benyang jwaloka lehakwe. Bohareng ba terone, le ho e potapota, ho ne ho ena le dibopuwa tse nne tse phelang. Di ne di ena le mahlo a mangatangata kapele le kamorao.


Konyana ya tla, ya nka buka e letsohong le letona la ya dutseng teroneng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos