Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 6:6 - BIBELE

6 Ka utlwa ho kang lentswe le tswang hara dibopuwa tse nne tse phelang, le re: “Seroto sa koro se rekwa ka denare; diroto tse tharo tsa harese di rekwa ka denare, empa le se ke la senya ole le veine.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Mme ka utlwa lentswe mahareng a dipobuwa tse phelang tse nne, le re: Kgala e le nngwe ya koro e rekwe ka denare, le kgala tse tharo tsa harese ka denare; empa o se ke wa senya ole le veine.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Ka utlwa lentswe le le mahareng a dibopuwa tse phelang tse nne, le re: Kgala ya koro ka denare, le tekanyo tse tharo tsa harese ka denare; mme o se ke wa senya ole le veine.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Ka utlwa lentswe le le mahareng a dibopuwa tse phelang tse nne, le re: Kgala ya koro ka denare, le tekanyo tse tharo tsa harese ka denare; mme o se ke wa senya ole le veine.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 6:6
6 Referencias Cruzadas  

ha Modimo a ema ho ahlola bohle, le ho pholosa bohle, bohle ba eisehang ba lefatshe.


Ditjhaba di tla tsohelana matla le mebuso e futuhelane; ho tla ba le ditlala tsa sekoboto le ditshisinyeho tsa lefatshe dibakeng tse ngata.


Kapele ho terone ho ne ho ka lewatle le kang kgalase, le benyang jwaloka lehakwe. Bohareng ba terone, le ho e potapota, ho ne ho ena le dibopuwa tse nne tse phelang. Di ne di ena le mahlo a mangatangata kapele le kamorao.


Se seng le se seng sa dibopuwa tseo tse nne tse phelang, se ne se ena le mapheo a tsheletseng, mme kantle le kahare ho wona ho ena le mahlo a mangatangata. Bosiu le motsheare di ne di sa kgaotse ho re: “O a halalela, o a halalela, o a halalela, Morena Modimo ya matla wohle, ya bileng teng, ya leng teng, ya tlang ho tla.”


la re: “Le se ke la senya lefatshe, kapa lewatle, kapa difate, re eso ka re tshwaya bahlanka ba Modimo wa rona diphatleng tsa bona.”


Feela tsa laelwa hore di se ke tsa senya jwang, kapa ditlama dife kapa dife, kapa difate dife kapa dife; di mpe di senyetse batho feela ba sa tshwauwang ka letshwao la Modimo diphatleng tsa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos