Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 3:9 - BIBELE

9 “Bona, ke tla o neela ba bang bao e leng ba phutheho ya Satane, ba reng ke Bajuda, empa e se bona, ba le leshano. Ke tla etsa hore ba tlo kgumama maotong a hao, mme ba tla tseba hore ke o ratile.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Bona, ke o neela ba bang ba sinagoge ya Satane, ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, ba mpa ba le leshano. Bona, ke tla ba tlisa hore ba kgumame pela maoto a hao, mme ba tla tseba hobane ke o ratile.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Bona, ke tla o neela ba sinagoge ya Satane, ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, ba mpa ba bua leshano; bona, ke tla etsa hore ba tle ba kgumame pela maoto a hao, mme ba tle ba tsebe hoba ke o ratile.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Bona, ke tla o neela ba sinagoge ya Satane, ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, ba mpa ba bua leshano; bona, ke tla etsa hore ba tle ba kgumame pela maoto a hao, mme ba tle ba tsebe hoba ke o ratile.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 3:9
13 Referencias Cruzadas  

Naheng e nngwe le e nngwe le motseng o mong le o mong, moo taelo ya kgosi le molao wa yona o ileng wa fihla teng, Bajuda ba thaba, ba nyakalla, ba keteka, ya eba letsatsi le monate. Baahi ba bangata ba naha eo ba ipitsa Bajuda, hobane ba ne ba tshaba Bajuda.


Bahlanka bana ba hao bohle, ba tla tla ho nna, mme ba nkgumamele, ba re: ‘Tsamaya, wena le batho bohle ba o setseng morao,’ mme kamorao ho moo le nna ke tla tsamaya.” Moshe a tloha ho Faro, kgalefo ya Faro e tlokoma.


Kaha o bile ntho ya bohlokwa, o hlompheha mahlong a ka, hobane ke o rata, ke tla fana ka batho bakeng sa hao, ke fane ka ditjhaba bakeng sa bophelo ba hao.


Morena o bua tjena: “Matlotlo a Egepeta le thepa ya kgwebo ya Kushe, le banna ba diqhobane ba naha ya Sheba, ba tla ineela ho wena e be ba hao; ba hulane kamora hao ba tlanngwe ka mahlaahlela. Ba tla o obamela, ba o rapele, ba re: ‘Ruri Modimo o na le wena, ha ho Modimo e mong ntle ho yena.’ ”


Dikgosi e tla ba bahodisi ba hao, kgosatsana tsa tsona e be baanyesi ba hao. Di tla o obamela fahleho di tadimile fatshe, di be di nyeke lerole le maotong a hao. Ke moo o tla tseba hore Morena ke nna, hobane ba ntshepileng ba ke ke ba hlajwa ke dihlong.”


Bara ba bahatelli ba hao ba tla o obamela, bohle ba neng ba o nyedisa ba koqame maotong a hao, ebe ba o bitsa Motse wa Morena, Sione ya Ya Halalelang wa Iseraele.


Nna ka ho bona le wena ka ho nna, hore ba be ntho e le nngwe ka botlalo, lefatshe le tle le tsebe hore o nthomile, le hore o ba ratile jwalokaha o nthatile.


o re: Ke tseba matshwenyeho le bofutsana ba hao; leha ho le jwalo, o ruile. Ke tseba dinyefolo tsa ba reng ke Bajuda, empa e se bona, e le ba phutheho ya Satane.


E mong le e mong wa lelapa la hao ya tla sala, o tla kgumama kapele ho yena, a kope tjheletana kapa sengwathwana sa bohobe, a re: “Ke a o rapela: Ako nkgethe ke be e mong wa baprista, ke tle ke fumane thathana ya bohobe, ke je.” ’ ”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos