Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 21:9 - BIBELE

9 Jwale le leng la mangeloi a supileng a nkileng mafiswana a supileng, a tletseng dikotlo tse supileng tsa qetello, la tla, la bua le nna, la re: “Tloo, ke o bontshe monyaduwa, mohatsa Konyana.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Jwale lengeloi le leng la a supileng a neng a tshwere dinkgo tse supileng tse tletseng dikotsi tsa qetello tse supileng, la tla, la re ho nna: Tloo, ke o bontshe monyaduwa, eo e leng mosadi wa Konyana.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Mme ha tla ho nna e mong wa mangeloi a supileng a tshwereng dinkgo tse supileng tse tletseng dikotsi tse supileng tsa ho qetela, a bua le nna, a re: Tloo kwano, ke tla o bontsha monyaduwa, mosadi wa Konyana.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Mme ha tla ho nna e mong wa mangeloi a supileng a tshwereng dinkgo tse supileng tse tletseng dikotsi tse supileng tsa ho qetela, a bua le nna, a re: Tloo kwano, ke tla o bontsha monyaduwa, mosadi wa Konyana.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 21:9
10 Referencias Cruzadas  

Tsena ke tseo Jesu Kreste a re senoletseng tsona, a di neilwe ke Modimo, hore a tle a bontshe bahlanka ba hae tse tshwanelang ho etsahala haufinyane. Kreste o ile a di tsebisa mohlanka wa hae Johanne, ka ho mo romela lengeloi.


Jwale ha tla le leng la mangeloi a supileng a nkileng mafiswana a supileng, la bua le nna, la re: “Tloo, ke o bontshe kahlolo ya seotswa se seholo, se ahileng lebopong la lewatle,


A re thabeng, re nyakalleng, mme re mo tlotlise, hobane ke letsatsi la mokete wa lenyalo la Konyana. Monyaduwa wa hae o itokisitse,


La ba la metha lerako la motse: le ne le etsa dimethara tse mashome a supileng, ho ya ka tekanyo e tlwaelehileng, eo lengeloi le neng le e sebedisa.


Ka boela ka bona motse o halalelang, Jerusalema e ntjha, o theoha lehodimong, ho Modimo, o hlophehile hantle, jwaloka monyaduwa ha a ikgabiseditse monyadi wa hae.


Jwale lengeloi la mpontsha noka ya metsi a bophelo, e benyang jwaloka lehakwe, e kollang teroneng ya Modimo le ya Konyana.


Moya le monyaduwa ba re: “Tloo.” Ya utlwang le yena a ke a re: “Tloo.” Ya nyorilweng a ke a tle; ya ratang a ke a nwe metsi a bophelo, a fanwang feela.


Jwale lengeloi la re ho nna: “Dipolelo tsena di a tshepahala, ke tsa nnete. Morena, Modimo ya neang baporofeta moya wa hae, o rometse lengeloi la hae ho tla bontsha bahlanka ba hae tse tshwanelang ho etsahala haufinyane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos