Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 21:11 - BIBELE

11 O ne o kganya tlotla ya Modimo, mme kganya ya wona e ne e ka ya lejwe la bohlokwa, e le jwaloka ya lejwe la jasepere le kang lehakwe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 o kganya ka kganya ya Modimo: lesedi la wona le tshwana le la lehakwe la bohlokwa, le kang lejwe la jaspe e bonaletsang jwaloka kristale.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 O na le kganya ya Modimo, mme lesedi la wona le ne le le jwaloka lejwe la bohlokwa ka ho fetisisa, le ka kang lejwe la jaspere le benyang jwaloka lehakwe;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 O na le kganya ya Modimo, mme lesedi la wona le ne le le jwaloka lejwe la bohlokwa ka ho fetisisa, le ka kang lejwe la jaspere le benyang jwaloka lehakwe;

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 21:11
17 Referencias Cruzadas  

Kgauta kapa mahakwe a ke ke a lekana le bona, kapa ba ananngwa ka mekgabiso ya kgauta.


Thaba ya Sione mmoho le ba phuthehelang ho yona, motsheare Morena o tla e sireletsa ka leru le ka mosi, bosiu a e bonesetse ka kganare ya mollo, bohle ba sireletswe ke tlotla ya hae.


Ntho e kang loapi, e benyang jwaloka leqhwa, e tshabehang haholo, e ne e okametse dibopuwa tsena tse nne, tse phelang.


Kahodimo ho loapi leo le okametseng dihlooho tsa tsona, ho ne ho ena le ntho e kang terone ya safire, mme hodima yona ho dutse ho kang motho.


Ka baka la ho nama ha kgwebo ya hao, pelo ya hao e ila tlala sehloho, yaba jwale wena o etsa sebe. Kahoo ka o leleka thabeng ya Modimo, ka o leleka ke ho silafala ha hao, ka o timetsa, wena kerubime e sireletsang, ka o tlosa hara majwe a phatsimang sa malakabe.


Ka bona tlotla ya Modimo wa Iseraele e hlaha botjhabela. Lentswe la hae le ne le le jwaloka modumo wa metsi a hwasang, mme lefatshe le phatsima ke tlotla ya hae.


“Bolelele ba lerako leo, ho potoloha motse, e tla ba dimethara tse dikete tse robong. “Ho tloha mohlang oo, lebitso la motse e tla ba: MORENA O TENG MONA.”


Tempele ya tlala mosi o tswang tlotleng ya Modimo le matleng a hae, hoo ho neng ho se motho ya ka kenang ka tempeleng, dikotlo tse supileng tse tliswang ke mangeloi a supileng di eso phethahale.


Jwale lengeloi la mpontsha noka ya metsi a bophelo, e benyang jwaloka lehakwe, e kollang teroneng ya Modimo le ya Konyana.


Ha ho sa tla ba le bosiu; ha ba sa tla hloka lesedi la lebone kapa lesedi la letsatsi, hobane Morena o tla ba bonesetsa, mme ba tla busa kamehla le mehla.


Ya dutseng teroneng o ne a bonahala a phatsima jwaloka lehakwe la jasepere le la kareneleane, mme mookodi o neng o potapotile terone o ne o bonahala o ka lehakwe la emeraleda.


Kapele ho terone ho ne ho ka lewatle le kang kgalase, le benyang jwaloka lehakwe. Bohareng ba terone, le ho e potapota, ho ne ho ena le dibopuwa tse nne tse phelang. Di ne di ena le mahlo a mangatangata kapele le kamorao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos