Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 20:3 - BIBELE

3 La e akgela mohohlong o se nang pheletso, la e notlella teng, la bitiela monyako wa mohohlo, hore e se hlole e kgelosa ditjhaba ho fihlela dilemo tse sekete di fetile. Kamorao ho moo eka kgona e lokollwe nako e kgutshwanyane.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 La e akgela sekoting, la e kwalla teng, mme la tiisa hodima sona, hore e se ke ya hlola e kgelosa ditjhaba, dilemo tse sekete di eso ho phethehe. Kamora tseo, e ka kgona e lokollelwe motsotso o se mokae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 La e lahlela sekoting, la e kwalla, mme la tiisa hodima yona, hore e se ke ya hlola e kgelosa ditjhaba, ho fihlela dilemo tse sekete di phetheha;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 La e lahlela sekoting, la e kwalla, mme la tiisa hodima yona, hore e se ke ya hlola e kgelosa ditjhaba, ho fihlela dilemo tse sekete di phetheha;

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 20:3
17 Referencias Cruzadas  

Mahlong a hao dilemo tse sekete di ka letsatsi la maobane le seng le fetile, di ka nakwana ya bosiu.


Ba phikolosetsa lejwe monyako wa mokoti o moholo, ba o kwala, mme kgosi ya tiisa lejwe ka lesale la yona la tiiso, le ka masale a tiiso a mahosana a yona, e le hore morero o entsweng ka Daniele o tle o se ke wa fetolwa.


hobane bo-Kreste ba bohata le baporofeta ba bohata ba tla hlaha, mme ba tla etsa dipontsho le dimakatso tse kgolo hore, haeba ho ka etsahala, ba tle ba kgelose le bona bakgethwa.


Ba ya, ba tiisa lejwe la lebitla ka letshwao la bona, ba siya balebedi ho le lebela ka thata.


Peo e ka tseleng ke bao lentswe le jalwang ho bona, empa ere hoba ba le utlwe, ebe hanghang Satane o a tla, o tlosa lentswe le jetsweng ho bona.


Ba mo rapela hore a se ke a ba laela ho ya mohohlong o se nang pheletso.


Empa ke a tshaba, esere mohlomong maikutlo a lona a senyeha, la kgeloswa botshepehing ba lona ba nnete ho Kreste, jwalokaha noha e ne e thetse Eva ka mano a yona.


Feela, baratuwa, ntho eo le sa tshwanelang ho e lebala ke ena: Ho Morena letsatsi le le leng le jwaloka dilemo tse sekete, mme le dilemo tse sekete di jwaloka letsatsi le le leng.


Ya dihelwa fatshe kganyapa ya tonana, noha ya kgale, e bitswang Diabolosi le Satane, mokgelosi wa lefatshe lohle; ya dihelwa lefatsheng mmoho le mangeloi a yona.


Sa kgelosa baahi ba lefatshe ka mehlolo eo se dumeletsweng ho e etsa pontsheng ya sebatana sa pele. Sa ba bolella hore ba etse setshwantsho sa sebatana se ileng sa ntshwa leqeba ka sabole le hoja se ile sa phela.


seo dikgosi tsa lefatshe di entseng bohlola le sona, se tahisitseng baahi ba lefatshe ka jwala ba bootswa ba sona.”


Sebatana seo o se boneng se ne se le teng, empa ha se sa le yo; feela se sa tla nyoloha mohohlong o se nang pheletso, ebe se ya timelong. Baahi ba lefatshe, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ho tloha ha lefatshe le thewa, ba tla hlollwa ha ba bona sebatana, hobane se ne se le teng, feela ha se sa le yo, empa se tla kgutla.


Jwale ka bona lengeloi le theoha lehodimong, letsohong le tshwere senotlolo sa mohohlo o se nang pheletso, le ketane ya tonana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos