Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 2:2 - BIBELE

2 o re: Ke tseba mesebetsi ya hao, le boikgathatso ba hao, le tiisetso ya hao, le hore ha o ka ke wa mamella ba kgopo. O ile wa hlahloba ba reng ke baapostola, empa e se bona, mme wa fumana hore ba leshano.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ke tseba mesebetsi ya hao, le mokgathala wa hao, le mamello ya hao, le hobane o sitwa ho mamella ba babe, o bile o lekile le ba ipeileng baapostola, athe hase bona, mme o lemohile hoba ba leshano;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Ke tseba mesebetsi ya hao, le mokgathala wa hao, le mamello ya hao, le kamoo o sitwang ho mamella ba babe;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Ke tseba mesebetsi ya hao, le mokgathala wa hao, le mamello ya hao, le kamoo o sitwang ho mamella ba babe;

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 2:2
21 Referencias Cruzadas  

hobane Morena o tseba tsela ya ba lokileng, athe tsela ya ba kgopo e isa timelong.


Mohlang oo ke tla ba bolella pepenene, ke re: ‘Ha ke a ka ka le tseba; tlohang ho nna, lona ba etsang bokgopo!’ ”


A bua hona ka ho mo nonya maikutlo, hobane o ne a tseba seo a tla se etsa.


Hase hore ho teng o mong osele, empa ho teng ke batho ba le ferekanyang, ba ratang ho sokamisetsa molaetsa o molemo wa Kreste hosele.


Ka hona ha re sa tla hlola re eba masea a tsokoletswang kwana le kwana, a fefolwang ke moya ofe le ofe wa dithuto tsa batho ba mano, ba kgelosang ka maqiti a bona.


Pela Modimo, Ntata rona, re hopola mesebetsi ya tumelo ya lona, le boiteko ba lerato la lona, le tiisetso ya tshepo ya lona ho Morena wa rona Jesu Kreste.


Hlahlobang tsohle, le boloke tse ntle,


Leha ho le jwalo, motheo o tiileng, oo Modimo a o entseng, o ntse o tsitsitse, o ngotswe mantswe ana: “Morena o tseba bao e leng ba hae,” le ana: “Bohle ba rapelang Morena ba hlobohe bokgopo.”


Modimo ha a hloke toka hoo a ka lebalang mosebetsi wa lona, le lerato leo le le bontshitseng ho yena ka ho sebeletsa badumedi, bao le sa ntseng le ba sebeletsa le jwale.


Baratuwa, le se ke la dumela mang kapa mang ya reng o na le Moya. Le mpe le hlahlobe hore na moya oo wa bona o tswa ho Modimo, hobane hohle lefatsheng ho tletse baporofeta ba bohata.


Hopola he, hore na o wele ha o le hokae; o bake, mme o boele o phethe mesebetsi ya hao ya pele. Ho seng jwalo, ke tla tla ho wena, ke tlose sedulwana sa lebone la hao tulong ya sona, haeba o sa bake.


Empa se molemo seo o nang le sona ke sena: O hloile mesebetsi ya balatedi ba Nikola, eo le nna ke e hloileng.


o re: Ke tseba matshwenyeho le bofutsana ba hao; leha ho le jwalo, o ruile. Ke tseba dinyefolo tsa ba reng ke Bajuda, empa e se bona, e le ba phutheho ya Satane.


“Ngolla moruti wa kereke e Saredeise, o re: “Tsena di bolelwa ke ya nang le meya e supileng ya Modimo, le dinaledi tse supileng, o re: Ke tseba mesebetsi ya hao, le hore o tumme ka hore o a phela, athe o shwele.


o re: Ke tseba mesebetsi ya hao; ha o bate, ha o tjhese. Hoja o no bata kapa o tjhesa!


“o re: Ke tseba mesebetsi ya hao. Bona, ke butse monyako kapela hao, oo ho seng ya ka o kwalang. Ke tseba hore o na le matlanyana feela, empa o ile wa boloka lentswe la ka, mme ha o a ka wa latola lebitso la ka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos