Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 15:7 - BIBELE

7 Yaba se seng sa dibopuwa tse nne tse phelang se nea mangeloi a supileng mafiswana a kgauta a supileng, a tletseng kgalefo ya Modimo ya phelang kamehla le mehla.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Mme se seng sa dibopuwa tse phelang tse nne sa nea mangeloi a supileng dinkgo tsa kgauta tse supileng, tse tletseng bohale ba Modimo o phelang ka ho sa feleng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 Mme se seng sa dibopuwa tse phelang tse nne sa nea mangeloi a supileng dinkgo tse supileng tsa kgauta, tse tletseng kgalefo ya Modimo o phelang ka ho sa feleng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Mme se seng sa dibopuwa tse phelang tse nne sa nea mangeloi a supileng dinkgo tse supileng tsa kgauta, tse tletseng kgalefo ya Modimo o phelang ka ho sa feleng.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 15:7
13 Referencias Cruzadas  

Ke Modimo ya ahlolang: O kokobetsa e mong, a phahamise e mong.


“Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena ho nna, o re: ‘Nka senwelo sena sa veine ya kgalefo se ka letsohong la ka, mme o etse hore ditjhaba tsohle tseo ke o romang ho tsona di se nwe.


Bohle ba boledisa kamoo lona le re amohetseng hantle kateng, le kamoo le ileng la sokolohela ho Modimo kateng. Le ile la lahla medimo ya bohata, e le hore le tle le sebeletse Modimo ya phelang, wa nnete,


ke nna ya phelang. Ke ne ke shwele, empa ke nna enwa ke phela kamehla le mehla. Ke tshwere dinotlolo tsa lefu le tsa Nqalo ya Bafu.


la hlapanya ka ya phelang kamehla le mehla, ya hlotseng lehodimo le tsohle tse ho lona, le lefatshe le tsohle tse ho lona, le lewatle le tsohle tse ho lona, la re: “Tieho ha e sa tla ba teng.


le yena o tla nwa jwala bo qhatseditsweng senwelong sa kgalefo ya Modimo bo sa hlapollwa, e leng jwala ba bohale ba Modimo, mme o tla hlokofatswa ka mollo le sebabole, kapele ho mangeloi a halalelang, le kapele ho Konyana.


Jwale lehodimong ka bona pontsho e nngwe e kgolo, e makatsang: mangeloi a supileng a nkileng dikotlo tse supileng tsa ho qetela, tse tla phethahatsa kgalefo ya Modimo.


La pele la tloha, la qhalla lefiswana la lona lefatsheng, mme diso tse mpempe tsa bereha batho ba nang le letshwao la sebatana, ba kgumamelang setshwantsho sa sona.


Jwale ha tla le leng la mangeloi a supileng a nkileng mafiswana a supileng, la bua le nna, la re: “Tloo, ke o bontshe kahlolo ya seotswa se seholo, se ahileng lebopong la lewatle,


Jwale le leng la mangeloi a supileng a nkileng mafiswana a supileng, a tletseng dikotlo tse supileng tsa qetello, la tla, la bua le nna, la re: “Tloo, ke o bontshe monyaduwa, mohatsa Konyana.”


baholo ba mashome a mabedi a metso e mene ba itihela fatshe kapele ho ya dutseng teroneng, ba kgumamela ya phelang kamehla le mehla, mme ba akgela mefapahlooho ya bona kapele ho terone, ba ntse ba re:


Eitse ha e nka buka, dibopuwa tse nne tse phelang, le baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba itihela fatshe kapele ho Konyana. E mong le e mong o ne a tshwere harepa le lefiswana la kgauta le tletseng mokubetso, oo e leng dithapelo tsa bahalaledi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos