Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 15:5 - BIBELE

5 Kamorao ho tsena ka bona tempele e lehodimong, e nang le tente ya bopaki, e buleha.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Kamora tseo ka tadima, mme ka bona tempele ya tabernakele ya bopaki e bulwa lehodimong.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Kamora tseo, ka tadima, mme ka bona tempele ya tabernakele ya bopaki e bulwa lehodimong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Kamora tseo, ka tadima, mme ka bona tempele ya tabernakele ya bopaki e bulwa lehodimong.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 15:5
8 Referencias Cruzadas  

O tla bea sekwahelo sa tefelo ya sebe hodima areka, mme kahare ho areka o tla kenya matlapa a ngotsweng Molao, ao ke tla o nea wona.


Ena ke kakaretsa ya dintho tsa Leaho, tse ileng tsa bokellwa, tsa Leaho la areka e kentseng matlapa a ngotseng Molao. Dintho tsena di ile tsa bokellwa ka taelo ya Moshe, ke Balevi, ba le taolong ya Itamare, mora wa moprista Arone.


O kgethe Balevi hore e be bona balebedi ba Tente ya Morena, e kentseng areka ya selekane, le balebedi ba dijana tsohle tsa yona, le thepa yohle ya yona. Ba tla jara Tente le dijana tsohle tsa yona, e be basebeletsi ka ho yona, mme diahelo tsa bona di e potapote.


Balevi bona ba tla robala ba potapotile Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane, e le hore setjhaba sa bana ba Iseraele se se ke sa halefelwa ke Modimo. Balevi ba tla lebela Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane.”


Bonang, lesira la Tempele la taboha ka lehare, ho tloha hodimo ho isa tlase, lefatshe la sisinyeha, mafika a petsoha,


Feela bosebeletsi ba bona ke mohlala le setshwantsho sa tse mahodimong, jwalokaha Modimo a ile a lemosa Moshe, ha a le lekgatheng la ho hloma Tente, a re: “Bona, o tla etsa tsohle ho latela seo o neng o se bontshwe ha o le thabeng.”


Yaba ho bulwa tempele ya Modimo e lehodimong, mme ha bonahala areka ya selekane ka ho yona. Ha eba teng mahadima, le medumo, le letolo, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se dinaka.


Sa qala ho bua, sa nyefola Modimo, sa nyefola lebitso la hae, le leaho la hae, le baahi ba lehodimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos