Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 12:6 - BIBELE

6 Mosadi yena a tshabela feelleng, moo Modimo a neng a mo lokiseditse sebaka teng, hore a tle a feptjwe ka matsatsi a sekete le makgolo a mabedi le mashome a tsheletseng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Mosadi yena a balehela feelleng, moo a lokiseditsweng ditulo ke Modimo, hore a tle a fepuwe teng ka matsatsi a sekete se nang le makgolo a mabedi a mashome a tsheletseng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Mosadi a balehela feelleng, moo a nang le nqalo e lokiseditsweng ke Modimo, hore a tle a mo fepe teng ka matsatsi a sekete le makgolo a mabedi a mashome a tsheletseng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Mosadi a balehela feelleng, moo a nang le nqalo e lokiseditsweng ke Modimo, hore a tle a mo fepe teng ka matsatsi a sekete le makgolo a mabedi a mashome a tsheletseng.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 12:6
10 Referencias Cruzadas  

Ho lehlohonolo ya tla mamella ho fihlela matsatsi a sekete le makgolo a mararo le mashome a mararo a metso e mehlano a fela.


Jwale Diabolosi a mo tlohela, mme bonang, mangeloi a atamela, a mo sebeletsa.


Empa mosadi a newa mapheo a mabedi a ntsu e kgolo, hore a tle a fofele setshabelong sa hae, feelleng, moo a tla feptjwa teng ka selemo se le seng, le ka dilemo tse pedi le halofo hape, hole le noha.


Ka mohatla wa yona e ne e hulanya karolo e le nngwe ho tse tharo ya dinaledi tsa lehodimo, mme ya di lahlela lefatsheng. Kganyapa ya fihla ya ema kapele ho mosadi ya makgatheng a ho beleha, e le hore e tle e kwenye ngwana wa hae hang hoba a belehuwe.


Sebatana seo se ile sa dumellwa ho bua ka boikakaso le ka ho nyefola, sa newa matla a ho sebetsa ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi.


Lengeloi leo la nkisa feelleng ka moya, mme ka bona mosadi ya palameng sebatana se sefubedu, se ngotsweng kamahohle mabitso a nyefolang, se nang le dihlooho tse supileng le dinaka tse leshome.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos