Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 12:10 - BIBELE

10 Lehodimong ka utlwa lentswe le phahameng, le re: “Jwale tlholo, le matla, le puso, e se e le tsa Modimo wa rona, le borena ke ba Mesia wa hae, hobane ho dihetswe fatshe moqosi wa bana babo rona, ya neng a ba qosa kapele ho Modimo wa rona, motsheare le bosiu.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Jwale ka utlwa lentswe le leholo lehodimong, le re: Jwale, ho hlahile poloko, le matla, le mmuso wa Modimo wa rona, le matla a Kreste wa wona; hobane moqosi wa banababo rona, ya neng a ba qosa pela sefahleho sa Modimo motshehare le bosiu, o dihetswe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Yaba ke utlwa lentswe le leholo lehodimong, le re: Jwale, ho hlahile poloko, le matla, le mmuso wa Modimo wa rona, le matla a Kreste wa wona; bosiu.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Yaba ke utlwa lentswe le leholo lehodimong, le re: Jwale, ho hlahile poloko, le matla, le mmuso wa Modimo wa rona, le matla a Kreste wa wona; bosiu.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 12:10
24 Referencias Cruzadas  

Boholo, le matla, le tlotla ke tsa hao, Morena, le tlholo, le botlotlehi. Tsohle tse lehodimong le lefatsheng ke tsa hao; mmuso ke wa hao, Morena, ke wena hlooho, o phahametse tsohle.


Empa hona jwale, ha o ka mo ama ka letsoho la hao, wa mo hlakola tsohle tseo a di ruileng, o tla o rohaka sefahlamahlo!”


Satane a araba Morena, a re: “O re ke feela Jobo a tshabang Modimo?


Empa hona jwale, ha o ka mo ama ka letsoho la hao, wa ama masapo a hae le nama ya hae, o tla o rohaka sefahlamahlo!”


Lefatshe ka bophara ba lona le hopole Morena, le ke le kgutlele ho yena; merabe yohle ya lefatshe e itihele, e ke e itihele maotong a hae;


Metsu ya hao e leotsehile, ditjhaba di tla wela tlasa puso ya hao, dira tsa kgosi di tla nyahama pelo.


“Mehleng ya dikgosi tseo, Modimo ya lehodimong o tla thea mmuso o ke keng wa hlola o fediswa, o ke keng wa hlolwa ke ditjhaba tse ding. Mmuso oo o tla thuakanya, o timetse mebuso e meng yohle, empa wona o tla hlola kamehla yohle.


Jesu a re: “Wena o rialo. Empa ke a le bolella, ke re: “Ho tloha jwale le tla bona Mora Motho a dutse letsohong le letona la Ya Matla, mme a etla a le hodima maru a lehodimo.”


Jesu a atamela, a bua le bona, a re: “Ke neilwe matla wohle lehodimong le lefatsheng.


Mmuso wa hao o tle; thato ya hao e etswe lefatsheng jwaloka lehodimong.


A re ho bona: “Ha le rapela, le re: “Ntate, Lebitso la hao le halaletswe; Mmuso wa hao o tle;


“Simone, Simone, bona, Satane o le kopile hore a le hlokole jwaloka koro,


ka lebitso la Morena Jesu. Mohla le phuthehang, mme le nna ke le teng ka moya, re ena le matla a Morena wa rona Jesu,


empa a re ho nna: “Mohau wa ka o o lekane, hobane matla a ka a phethahala ka ba fokolang.” Ha ho le jwalo, ke tla ithorisa ka bofokodi ba ka ka thabo e kgolo, hore matla a Kreste a tle a be ho nna.


Ka mokgwa o jwalo, basadi ba hodileng ba be le boitshwaro bo lokelang ba halalelang, ba se ke ba bua batho hampe, e se be makgoba a dino, empa ba rute tse lokileng.


Ebang le boitshwaro, le fadimehe. Diabolosi, sera sa lona, o solla jwaloka tau e purumang, a ntse a batla eo a ka mo harolang.


Jwale lengeloi la bosupa la letsa terompeta, mme lehodimong ha utlwahala mantswe a phahameng, a reng: “Puso ya lefatshe e se e le ya Morena wa rona, le ya Mesia wa hae, mme o tla busa kamehla le mehla.”


“Ya hlolang, ya phethang mesebetsi ya ka ho isa qetellong, “ke tla mo nea matla hodima ditjhaba;


Ba ne ba howa ka mantswe a phahameng, ba re: “Tlholo ke ya Modimo wa rona ya dutseng teroneng, le ya Konyana.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos