Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 11:8 - BIBELE

8 Ditopo tsa tsona di tla rapalla lebaleng la motse o moholo, oo Morena wa tsona a ileng a thakgisetswa ho wona, oo ka papiso o bitswang Sodoma kapa Egepeta.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ditopo tsa tsona di tla rapalla lepatlelong la motse o moholo, o bitswang Sotoma le Egepeta ka puo ya moya, e leng moo hape Morena wa tsona a thakgisitsweng teng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Mme ditopo tsa bona di tla rapalla lepatlelong la motse o moholo, oo ka moya o bitswang Sodoma le Egepeta, moo le Morena wa rona a thakgisitsweng teng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Mme ditopo tsa bona di tla rapalla lepatlelong la motse o moholo, oo ka moya o bitswang Sodoma le Egepeta, moo le Morena wa rona a thakgisitsweng teng.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 11:8
40 Referencias Cruzadas  

Batho ba Sodoma e ne e le baetsadibe ba kgopo haholo, ba sitelwa Morena.


Morena a nesetsa sebabole le mollo hodima Sodoma le Gomora, di etswa ho Morena, mahodimong.


“Ke nna Morena Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng.


Yaba Morena o re: “Ke bone matshwenyeho a setjhaba sa ka se Egepeta; ke utlwile le sello sa sona, se bakwang ke bahlorisi ba sona, mme ke tseba ditlhokofatso tsa sona.


Fahleho tsa tsona di a di qosa, di ipoletse sebe sa tsona jwaloka Sodoma, le ho se pata di sitwa ho se pata. Di madimabe hakaakang! Koduwa ena di imemetse yona!


Hara baporofeta ba Jerusalema ke bone se tshosang: Ba etsa bofebe, ba phela ka ho bua mashano, ba bile ba kgothaletsa batho ho etsa bokgopo, hoo ho seng ya furallang bokgopo ba hae. Kaofela ha bona ho nna ba tshwana le ba Sodoma, baahi ba teng ba tshwana le ba Gomora hantle.”


Banna bao ba tla le Uriya, ba mo tlisa ho kgosi Jehoyakime. Jehoyakime a mmolaya ka sabole, a lahlela setopo sa hae ka setsheng sa mabitla a bafo.


Moholwane wa hao ke Samaria, yena ya phelang le baradi ba hae ka leboya ho wena. Moena wa hao ke Sodoma, yena ya phelang le baradi ba hae ka borwa ho wena.


“ ‘Bona mona he, sena e bile sona sebe sa moena wa hao Sodoma: Yena le baradi ba hae ba ne ba ikgohomosa, ba pesotse dimpa, ba phela ka boiketlo, ba sa thuse bafumanehi kapa bahloki.


Empa a nna a feteletsa bootswa ba hae, ha a hopola botjha ba hae, e sa le seotswa naheng ya Egepeta.


Ka mokgwa o jwalo ke tla fedisa bokgopo ba hao, le bootswa boo o bo qadileng naheng ya Egepeta. Ha o sa tla hlola o bona dintho tsena, leha e le hona ho hlolohelwa Egepeta hape.


Ba ile ba fetoha diotswa naheng ya Egepeta, ba ineella bootswa ho tloha botjheng ba bona. Naheng eo ditlhoko tsa matswele a bona di ile tsa tsikinyetswa, le difuba tsa bona tsa phollwa.


Ha a a ka a tlohela bootswa boo a bo qadileng Egepeta, ha banna ba ne ba robala le yena a sa le motjha, ba tsikinyetsa ditlhoko tsa matswele a hae, ba tshollela ditakatso tsa bona hodima hae.


Jwale Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, masapo ana a tshwantsha bohle ba ntlo ya Iseraele. Ha ba bua ba re: ‘Masapo a rona a omeletse, re feletswe ke tshepo, re timeletswe.’


“Ka timetsa le metse ya lona, ka e timetsa sa mohla Sodoma le Gomora; la phonyoha sa fatsa le tshotswe mollong, leha ho le jwalo ha le a ka la kgutlela ho nna,” ho rialo Morena.


Ruri ke a le bolella, ka letsatsi la kahlolo ditaba tsa fatshe la Sodoma le Gomora di tla ba bobebe ho feta tsa motse oo.”


A wela fatshe, a utlwa lentswe le reng ho yena: “Saule! Saule! O ntlhorisetsang na?”


Ke ka lebaka lena Jesu a ileng a hlokofaletswa kantle ho kgoro ya motse, e le hore a tle a halaletse setjhaba ka madi a hae.


ho ke ke ha etsahala hore bao, ha ba ka kweneha, ba boele ba ntjhafatswe ka pako. Ke ba boetseng ba thakgisa Mora wa Modimo ka bobona, mme ba mo etsa sekgobo.


Hapehape Modimo o ile a ahlola metse ya Sodoma le Gomora ka ho e tjhesa lore! Hona ya eba mohlala wa se tla hlahela ba kgopo.


Ho bile jwalo le ho baahi ba Sodoma le Gomora, le ba metse e ka mathoko. Le bona ba ile ba ineela bohlola, mme ba lakatsa dibopuwa disele. Metse ena e ileng ya welwa ke kotlo ya mollo o sa feleng, ke mohlala o ka bonwang ke bohle.


Ka yona nako eo ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe: karolo e le nngwe ho tse leshome ya motse ya heleha, mme tshisinyeho eo ya bolaya batho ba dikete tse supileng. Ba setseng ba tshoha haholo, mme ba tlotlisa Modimo wa lehodimo.


Batho ba ditjhaba tsohle, le ba meloko yohle, le ba dipuo tsohle, le ba mefuta yohle, ba tla tadima ditopo tsa tsona ka matsatsi a mararo le halofo, mme ba ke ke ba dumela hore ditopo tseo di epelwe.


Setlhotlelo seo sa hatikelwa se le kantle ho motse, mme sa tswa madi a ileng a phutsalla sebakeng se ka etsang dikilomethara tse makgolo a mararo, botebo ba wona e le bo ka fihlang ditomong tsa dipere.


Yaba lengeloi le leng, e leng la bobedi, le latela leo ka ho re: “E wele! E wele! Babilona e kgolo, yona e tahisitseng ditjhaba tsohle ka jwala ba bohale ba bohlola ba yona!”


Motse o moholo wa aroha dikoto tse tharo, mme metse ya baditjhaba ya wa. Modimo a hopola Babilona e kgolo, a e nwesa senwelo sa jwala ba kgalefo ya hae e tukang.


Jwale ha tla le leng la mangeloi a supileng a nkileng mafiswana a supileng, la bua le nna, la re: “Tloo, ke o bontshe kahlolo ya seotswa se seholo, se ahileng lebopong la lewatle,


Mosadi eo o mmoneng ke motse o moholo, o busang dikgosi tsa lefatshe.”


Phatleng ya hae ho ne ho ngotswe lebitso le fupereng sephiri: “Babilona e kgolo, mma diotswa tsohle le manyala wohle a lefatshe.”


Di tla ema hole, ka baka la ho tshaba tlhokofatso ya yona, di re: “ ‘O madimabe! O madimabe! Wena Babilona, motse o moholo, motse o matla! Kahlolo ya hao e phethahaditswe ka nako ya hora feela!’


Yare ha ba bona mosi wa ho tjheswa ha yona, ba howa, ba re: ‘Na ho kile ha eba le motse o kang motse o moholo oo?’


La howa ka lentswe le matla, la re: “E wele! E wele! Babilona e kgolo! E fetohile leaho la bademona, setshabelo sa meya yohle e ditshila, le sa dinonyana tsohle tse ditshila, tse hloyehang.


Jwale lengeloi le matla la nka lejwe le kang lelwalahadi, la le akgela lewatleng, la re: “Babilona, motse o moholo, e tla akgelwa tlase ka sefutho se tjena, mme ha e ka ke ya hlola e bonwa hape.


Babilona ho fumanwe madi a baporofeta, le a bahalaledi, le a bohle ba ileng ba bolawa lefatsheng.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos