Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 11:6 - BIBELE

6 Dipaki tsena di na le matla a ho kwala lehodimo, e le hore pula e se ke ya na nakong ya ha di ntse di porofeta. Hape di na le matla a ho fetola metsi madi, le a ho otla lefatshe ka kotlo efe kapa efe, neng kapa neng ha di rata.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Di na le matla a ho kwala lehodimo, hore pula e se ke ya na ka matsatsi ao di porofetang ka wona; hape, di na le matla a ho fetola metsi madi, le a ho otla lefatshe ka dikotsi tsohle, nakong tsohle tseo di ka ratang ho etsa jwalo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Ba na le matla a ho kwala lehodimo, hore pula e se ke ya na mehleng ya ho porofeta ha bona, mme ba na le matla hodima metsi ho a fetola madi, le ho otla lefatshe ka dikotlo tsohle, hangata kamoo ba ratang kateng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Ba na le matla a ho kwala lehodimo, hore pula e se ke ya na mehleng ya ho porofeta ha bona, mme ba na le matla hodima metsi ho a fetola madi, le ho otla lefatshe ka dikotlo tsohle, hangata kamoo ba ratang kateng.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 11:6
11 Referencias Cruzadas  

Elia, ya neng a ahile Tishebe e Gileade, a re ho Akabe: “Ka Morena Modimo wa Iseraele ya phelang, eo ke mo sebeletsang, ho ke ke ha lala phoka, kapa ha na pula ka dilemo tsena, haese ka taelo ya ka.”


“Kannete ke a le bolella, ho ne ho ena le basadi ba bangata ba bahlolohadi Iseraeleng mehleng ya Elia, pula e sa ne ka dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng, tlala e kgolo e le teng naheng eo yohle.


Ke tla romela dipaki tsa ka tse pedi, di apere diaparo tse mahwashe, mme di tla porofeta ka matsatsi a sekete le makgolo a mabedi le mashome a tsheletseng.”


Lengeloi la bobedi la qhalla lefiswana la lona lewatleng, mme lewatle la fetoha madi a kang a motho ya qetang ho shwa. Yaba dintho tsohle tse phelang lewatleng di a shwa.


Lengeloi la boraro la qhalla lefiswana la lona dinokeng le didibeng, mme metsi a tsona a fetoha madi.


Lengeloi la bobedi la letsa terompeta, mme ho kang thaba e kgolo ya mollo o tukang ha akgelwa lewatleng. Karolo ya boraro ya lewatle ya fetoha madi,


A rona bale! Ke mang ya tla re lopolla matsohong a medimo ee e matla? Medimo ena ke yona e neng e bolaye Baegepeta ka mefutafuta ya diwa, lehwatateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos