Tshenolo 11:3 - BIBELE3 Ke tla romela dipaki tsa ka tse pedi, di apere diaparo tse mahwashe, mme di tla porofeta ka matsatsi a sekete le makgolo a mabedi le mashome a tsheletseng.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)3 Mme ke tla nea dipaki tsa ka tse pedi taelo, mme di tla porofeta ka matsatsi a sekete se nang le makgolo a mabedi a mashome a tsheletseng, di ntse di apere lesela le mahwashe. Ver CapítuloBaasraak Sotho NT3 Ke tla nea dipaki tsa ka tse pedi matla, mme di tla porofeta ka matsatsi a sekete se nang le makgolo a mabedi a mashome a tsheletseng, di apere lesela la mokotla. Ver CapítuloContemporary Southern Sotho Bible 20243 Ke tla nea dipaki tsa ka tse pedi matla, mme di tla porofeta ka matsatsi a sekete se nang le makgolo a mabedi a mashome a tsheletseng, di apere lesela la mokotla. Ver Capítulo |
Monna ya apereng seaparo se entsweng ka lene, ya emeletseng hodingwana ho noka, a phahamisetsa matsoho a hae a mabedi lehodimong, a hlapanya ka Modimo ya phelang kamehla le mehla, mme ka utlwa a re: “E tla ba ka dilemo tse tharo le halofo. Ha matla a setjhaba se halalelang a se a fedisitswe, dintho tsena tsohle di tla etsahala.”
Yaba ke bona diterone le ba dutseng hodima tsona, ba neilweng matla a ho ahlola. Ka bona le ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu, le ka baka la Lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebatana le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba fumanwa ba ena le letshwao la sona diphatleng le matsohong a bona. Ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste ka dilemo tse sekete.