Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 11:12 - BIBELE

12 Baporofeta bao ba utlwa lentswe le phahameng, le tswang lehodimong, le re ho bona: “Nyolohelang kwano!” Yaba ba nyolohela lehodimong ka leru, dira tsa bona di ntse di ba tadimile.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Mme ba utlwa lentswe le matla le tswang lehodimong, le re ho bona: Nyolohelang kwano. Ba fela ba nyolohela lehodimong ka leru, ba ntse ba bonwa ke dira tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Ba utlwa lentswe le leholo le tswang lehodimong, le re ho bona: Nyolohelang kwano. Mme ba nyolohela lehodimong ka leru; mme dira tsa bone di ne di ba bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Ba utlwa lentswe le leholo le tswang lehodimong, le re ho bona: Nyolohelang kwano. Mme ba nyolohela lehodimong ka leru; mme dira tsa bone di ne di ba bona.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 11:12
21 Referencias Cruzadas  

Mohla Morena a tla nkela Elia lehodimong ka setsokotsane, Elia o ne a ntse a tsamaya le Elisha, ba etswa Gilegale.


Yare ha ba ntse ba tsamaya, ba buisana, ba bona ho hlaha kariki ya ntwa e tukang malakabe, a hulwang ke dipere tse tukang malakabe, ya fihla ya kena pakeng tsa bona. Elia a nyollelwa lehodimong ka setsokotsane.


Sehlopha sa baporofeta, se neng se le moo Jeriko, sa kgahlanyetsa Elisha, sa re ho yena: “Na o a tseba hore hona kajeno Morena o tla o amoha monga hao?” Elisha a re ho bona: “E, ke a tseba. Kgutsang!”


Banna ba mashome a mahlano, ba sehlopha sa baporofeta, ba ema sebakana, ba tadima ha ba babedi bao ba ema pela Jorodane.


Ya kgopo ha a bona hoo, o a tlallana, o tsikitlanya meno, o a monyela; takatso ya ya kgopo e tla fela.


Pesalema ya Davida. Morena, ke mang ya ka dulang ka Tempeleng ya hao? Ke mang ya ka ahang thabeng ya hao e halalelang?


Ke mang ya ka nyolohelang thabeng ya Morena? Ke mang ya ka emang Sehalalelong sa hae?


Bonahatsa molemo wa hao ho nna, ba ntlhoileng ba hlajwe ke dihlong, ha ba bona hore wena Morena, o mothusi wa ka le motshedisi wa ka.


A kgina mabidi a dikariki tsa bona tsa ntwa, mme dikariki tsa ntwa tsa tsamaya haboima. Baegepeta ba re: “A re baleheng Baiseraele, hobane Morena o a ba lwanela!”


O ile wa bua ka pelo, wa re: “Ke tla nyolohela lehodimong, ke phahamise terone ya ka, ke e phahamisetse kahodimo ho dinaledi tsa Modimo, ke bee terone ya ka thabeng eo ho phuthehelwang ho yona, ke e bee tlhorong e phahameng ya thaba e ka leboya.


empa ba tshepileng Morena ba tla tsoha molota, ba fofele hodimo jwaloka ntsu; ba tla matha, empa ba ke ke ba kgathala, ba tsamaye, ba se ke ba fellwa ke matla.


“Baa ba pakaselang jwaloka leru ke bafe? Baa ba kang maeba a fofela dihlaheng tsa wona?


Le tla boela le tseba hore na ya lokileng o fapane jwang le ya kgopo, ya sebeletsang Modimo o fapane jwang le ya sa mo sebeletseng.”


Ha a phahamisa mahlo a le ditlhokofatsong, Nqalong ya Bafu, a bona Aborahama a le hole, Lasaro a le sefubeng sa hae.


Yare hoba a bue tsena, a nyollelwa hodimo ba ntse ba mo shebile, mme leru la mo tlosa mahlong a bona.


Jwale rona ba tla beng ba ntse ba phela re tla nkelwa marung hammoho le bona, ho ya kgahlanyetsa Morena sebakeng, mme ka mokgwa o jwalo re tla ba le Morena kamehla.


A beleha mora, ngwana e motona, ya tlang ho busa ditjhaba tsohle ka lere la tshepe. Yaba ngwana eo wa hae o nkelwa ho Modimo, teroneng ya hae.


“Ya hlolang ke tla mo nea tokelo ya ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.


Kamorao ho tsena ka tadima, mme ka bona monyako o butsweng lehodimong. Lentswe lane la pele, le neng le bua le nna, le ka modumo wa terompeta, ka utlwa le re: “Nyolohela kwano, mme ke tla o bontsha tse tshwanetseng ho etsahala kamorao ho tsena.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos