Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 11:1 - BIBELE

1 Jwale ka newa leqala le kang thupa e methang, mme ha thwe ho nna: “Ema, o methe tempele ya Modimo le aletare, mme o bale ba mo kgumamelang ka ho yona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba ke newa leqala le kang thupa, mme lengeloi la re ho nna: Ema, mme o lekanye tempele ya Modimo, le aletare, le batho ba rapelang ho yona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Yaba ke newa lehlaka le kang molamu, mme lengeloi la ema, la re: Tsoha, o lekanye tempele ya Modimo, le aletare, le ba rapelang ka ho yona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Yaba ke newa lehlaka le kang molamu, mme lengeloi la ema, la re: Tsoha, o lekanye tempele ya Modimo, le aletare, le ba rapelang ka ho yona.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 11:1
15 Referencias Cruzadas  

Toka e tla ba kgwele e lekanyang, ho loka e be kgwele e otlollang; sefako se tla hohola tshabelo sa mashano, metsi a kwahele baka tsa ho ipata.”


Mmuso le matla a puso, le botumo ba mebuso yohle e lefatsheng, tsena di tla newa setjhaba sa bahalaledi ba Ya Hodimodimo, eo mmuso wa hae e leng mmuso wa kamehla yohle, eo babusi bohle ba tla mo sebeletsa, ba mo hlomphe.’


Ha ba tloha Haserote, ba ya hloma Ritema.


Ana tempele ya Modimo e ka dumellana ka eng le medimo ya bohata? Rona re tempele ya Modimo ya phelang, jwalokaha Modimo a itse: “Ke tla aha, mme ke phele hara bona, ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Tloong le le majwe a phelang, a sebediswang ho haha tempele ya moya. Le be baprista ba halalelang, ba nyehellang Modimo ka mahlabelo a moya, a amohelehang ho yena ka Jesu Kreste;


Empa lona le moloko o kgethehileng, le baprista ba Morena, le mofuta o halalelang, le setjhaba seo a se ruileng. Le kgethetswe ho bolela dintle tsa ya le ntshitseng lefifing, a le bitsetsa leseding la hae le hlollang.


Yaba ho thwe ho nna: “O sa tshwanela ho ya bolela molaetsa kapele ho ditjhaba tse ngata, le mefuta e mengata, le ba dipuo tse ngata, le dikgosi tse ngata.”


Lengeloi le neng le bua le nna le ne le tshwere leqala la kgauta le methang, le tle le methe motse, le dikgoro tsa wona, le lerako la wona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos