Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 1:16 - BIBELE

16 Ka letsohong la hae le letona o ne a tshwere dinaledi tse supileng. Ka molomong wa hae ho ne ho etswa sabole e bohale, e sehang kamahohle. Sefahleho sa hae se ne se le jwaloka letsatsi ha le kganya haholo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 O ne a tshwere dinaledi tse supileng letsohong le letona la hae, mme sabole e ntjhotjho, e leoditsweng ka nqa tse pedi, e ne e tswa molomong wa hae; sefahleho sa hae se ne se tshwana le letsatsi ha le kganya ka matla a lona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 Ka letsohong la hae le letona o ne a tshwere dinaledi tse supileng, mme molomong wa hae ho ne ho etswa sabole e bohale, e leoditsweng ka nqa tse pedi;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Ka letsohong la hae le letona o ne a tshwere dinaledi tse supileng, mme molomong wa hae ho ne ho etswa sabole e bohale, e leoditsweng ka nqa tse pedi;

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 1:16
26 Referencias Cruzadas  

mohla bo-Mphatlalatsane ba binang ba le mmoho, mangeloi wohle a howa ka thabo?


O motle ho feta bana bohle ba batho, molomo wa hao o a kgahleha, hobane Modimo o o hlohonolofatsa kamehla.


Ke mang eo ya hlahang eka mafube, ya leredi jwaloka kgwedi, ya kganyang seka letsatsi, ya bohehang sa mabotho a tshwere mekgele?


empa mafutsana o tla a ahlolela ka toka, ba ikokobeditseng ba naha ena a ba sebeletse ka toka, polelo tsa hae e be thupa e otlang naha ena, kahlolo tsa hae di timetse ba kgopo.


Kgwedi e tla fifala, tsatsi le ipate sefahleho, ha Morena wa mabotho a busa Sione le Jerusalema, baholo a ba senolela tlotla ya hae.


O entse molomo wa ka seka sabole e bohale, a mpata moriting wa atla sa hae; a nketsa motsu o leoditsweng, a mpata ka sehlajweng sa hae.


Bahlalefi ba tla phatsima jwaloka loapi la lehodimo, mme ba rutileng batho ba bangata ho etsa ho lokileng ba tla phatsima jwaloka dinaledi kamehla le mehla.


Lenaka lena la matlafala haholo, hoo le bileng la futuhela le mabotho a lehodimo, la dihela fatshe karolo e nngwe ya mabotho ana e leng dinaledi tse ding, mme la e hatakela.


Ha e le lona ba hlomphang lebitso la ka, letsatsi la ho loka le tla le tjhabela ka mahlasedi a lona a fodisang. Lona le tla tswa, le thale jwaloka manamane a buletsweng ka sakeng.


A fetoha tshobotsi a le pela bona, sefahleho sa hae sa kganya jwaloka letsatsi, diaparo tsa hae tsa eba tshweu jwaloka lesedi.


Jwale, kgosi, hara mpa ya motsheare, ha ke le tseleng, ka bona kganya e fetang ya letsatsi e tswang lehodimong; ya nteela hare le bao ke neng ke tsamaya le bona.


Rwalang katiba ya tshepe ya pholoho, le tshware sabole ya Moya, e leng lentswe la Modimo.


Lentswe la Modimo le a phela, le a sebetsa. Le bohale ho feta disabole tsohle tse sehang kamahohle. Le phohlotsa ho ya fihla moo bophelo le moya di kopanang teng, manonyeletsong le mokong. Le ahlola mehopolo le merero ya pelo.


Ha e le sephiri sa dinaledi tse supileng, tseo o di boneng ka letsohong la ka le letona, le sa didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng, ke sena: Dinaledi tse supileng ke baruti ba dikereke tse supileng, le didulwana tsa mabone tse supileng ke dikereke tseo tse supileng.”


Yaba ke bona lengeloi le leng le matla, le theoha lehodimong, le aparetswe ke leru. Hloohong le ne le rwetse mookodi, sefahleho sa lona se le jwaloka letsatsi, mme maoto a lona a le jwaloka ditshiya tsa mollo.


Jwale lehodimong ha hlaha pontsho e kgolo: Mosadi ya apereng letsatsi, kgwedi e le katlasa maoto a hae, a bile a ena le mofapahlooho wa dinaledi tse leshome le metso e mmedi hloohong.


Ka molomong wa hae ho tswa sabole e bohale, eo a tlang ho hlatha ditjhaba ka yona. O tla di busa ka lere la tshepe, a hatikele setlhotlelo sa veine ya kgalefo e tukang ya Modimo ya matla wohle.


Ba setseng ba bolawa ke sabole e tswang ka molomong wa mopalami wa pere, mme dinonyana tsohle tsa kgora dinama tsa bona.


“Ngolla moruti wa kereke e Efese, o re: “Tsena di bolelwa ke ya tshwereng dinaledi tse supileng ka letsohong la hae le letona, ya tsamayang hara didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng,


“Ngolla moruti wa kereke e Peregamose, o re: “Tsena di bolelwa ke ya tshwereng sabole e bohale, e sehang kamahohle,


Baka he! Ho seng jwalo, ke tla tla ho wena kapele, mme ke tla ba lwantsha ka sabole e tswang ka molomong wa ka.


“Ngolla moruti wa kereke e Saredeise, o re: “Tsena di bolelwa ke ya nang le meya e supileng ya Modimo, le dinaledi tse supileng, o re: Ke tseba mesebetsi ya hao, le hore o tumme ka hore o a phela, athe o shwele.


Ehude o ne a iketseditse sabole e hlathang ka mahohle, bolelele ba yona e le disenthimethara tse mashome a mahlano. O ne a e tlama tlasa seaparo sa hae, hodima qholo ya letsoho la hae le letona.


“Dira tsohle tsa hao a di ke di timele, Morena, empa ba o ratang ba be jwaloka letsatsi, letsatsi ha le tjhaba ka matla a lona.” Naha ya eba le kgotso ka dilemo tse mashome a mane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos