Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tite 2:3 - BIBELE

3 Ka mokgwa o jwalo, basadi ba hodileng ba be le boitshwaro bo lokelang ba halalelang, ba se ke ba bua batho hampe, e se be makgoba a dino, empa ba rute tse lokileng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Le bona basadi ba hodileng ba be le motsamao o lokelang kgalalelo, e se ke ya eba basebi, ba se ke ba ineela veine e ngata, ba rute tse ntle,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Le basadi ba ba hodileng ba be le boitshwaro ka mokgwa o tshwanelang kgethehileng, e se ke ya eba basomi, ba se ke ba tahwa ke veine e ngata, ba rute tse molemo;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Le basadi ba ba hodileng ba be le boitshwaro ka mokgwa o tshwanelang kgethehileng, e se ke ya eba basomi, ba se ke ba tahwa ke veine e ngata, ba rute tse molemo;

Ver Capítulo Copiar




Tite 2:3
13 Referencias Cruzadas  

Ba tletse ho se loke hohle, bokgopo, meharo, bobe; ba tletse mona, polao, diphapang, mano, mekgwa e mebe; ke basebi,


Le mo amohele ka mokgwa o lokelang badumedi, hobane ke wa Morena. Le mo thuse tabeng efe le efe eo a ka hlokang thuso ya lona ho yona, hobane le yena o thusitse ba bangata, esita le nna ka sebele.


Empa ha e le bohlola, le tsohle tse ditshila, le meharo, di se ke tsa bolelwa le ho bolelwa hara lona, jwalokaha ho loketse bahalaledi.


Basadi le bona ba be le boitlhompho, ba se bue batho hampe, ba be le boitshwaro dinong, mme ba tshepahale dinthong tsohle.


Ka mokgwa o jwalo, eka kgona basebeletsi ba kereke ba be le boitlhompho, e se be bo-temepedi, ba se hlanyetse dino, kapa ba ithuisa ka mano.


Kgaotsa ho nwa metsi feela, o mpe o nwe le veinenyana ka baka la mala a hao, le ka baka la ho kula hangata.


Eka kgona mookamedi ya hlokometseng tsa Modimo a se ke a nyatseha. E se be motho ya ikgopolang, kapa sefelapelwana, kapa letahwa, kapa ya leqhoko, kapa ya ithuisang ka mano.


Ka hona ba tla kgothaletsa basadi ba batjha ho rata banna ba bona le bana ba bona,


Le ka be le se le le ba rutang ba bang jwale, empa le sa ntse le hloka ho rutwa hape dithuto tsa ho qala tsa lentswe la Modimo. Bakeng sa hore le je dijo tse thata, le sa ntse le hloka ho ja lebese.


“Leha ho le jwalo, seo ke se nyatsang ho wena ke hore o dumella Jesabele, mosadi ya reng ke moporofeta, ho kgelosa bahlanka ba ka, ka ho ba ruta ho etsa bohlola, le ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos