Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tite 1:12 - BIBELE

12 E mong wa bona, eo e leng moporofeta wa bona, o ile a re: “Bakerete ke mahata kamehla, ke dibatana tse kgopo, ke menyollo e botswa.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 E mong wa habo bona, e bileng moporofeta wa bona, o itse: Bakreta ke mahata kamehla, ke diphoofolo tse mpe, ke dimpa tse botswa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 E mong wa bona, e leng moporofeta wa habo bona, o itse: Bakreta ke ba leshano kamehla, ke dibatana tse kgopo, ke dimpa tse bonya.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 E mong wa bona, e leng moporofeta wa habo bona, o itse: Bakreta ke ba leshano kamehla, ke dibatana tse kgopo, ke dimpa tse bonya.

Ver Capítulo Copiar




Tite 1:12
12 Referencias Cruzadas  

“Re phela ka yena, re tsamaya ka yena, re teng ka yena, jwalokaha le baroki ba bang ba lona ba itse: “ ‘Hobane re bile re bana ba hae.’


re le Bajuda le basokolohi, Bakerete le Maarabia, re ba utlwa ba bolela mesebetsi e meholo ya Modimo ka dipuo tsa habo rona!”


Kaha kou ya dikepe e ne e sa lokela ho emisa dikepe nakong ya mariha, ba bangata ba dumellana ka hore ho tlohuwe moo, ka tshepo ya ho ya finyella le ho qeta mariha Foinikese, e leng kou ya Kerete e tobaneng le borwa-bophirima le leboya-bophirima.


Yare ha moya wa borwa o foka butle, mme ba hopola hore ba fihletse morero wa bona, yaba ba kgokgotholla sekepe, ba tsamaya ba sikile le lebopo, haufi le Kerete.


Ra tsamaya butle ka matsatsi a seng makae, mme ra fihla Kenidose ka bothata. Erekaha moya o no re thibela, ra tsamaya re ikgohlile ka Kerete, re tobane le hlwahlwa ya Salemone.


hobane ba jwalo ha ba sebeletse Morena wa rona Kreste, empa ba sebeletsa dimpa tsa bona. Ka dipuo tse monate, tse qekang, ba thetsa dipelo tsa ba se nang bobe.


Qetello ya bona e tla ba timelo, modimo wa bona ke dijo, ba ithorisa ka tsa bona tse dihlong, ba ikgopolela tsa lefatshe lena.


ka baka la boikaketsi ba batho ba buang leshano, bao matswalo a bona a nang le letshwao la dibe tsa bona.


Ke o siile Kerete ho qetela ho hlophisa tse saletseng, le ho bea baholo motseng o mong le o mong, ho ya kamoo ke o laetseng kateng.


Empa batho bao, ba kang diphoofolo tse hlokang kelello, tse bopetsweng ho tshwaswa le ho bolawa, ba nyefola dintho tseo ba sa di tsebeng. Ba tla timetswa jwaloka diphoofolo,


Ba kgelohile tsela e nepahetseng, mme ba lahlehile ka ho latela tsela ya Bileame, mora wa Bosore, ya neng a hohelwa ke moputso wa bokgopo,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos