Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sofonia 3:18 - BIBELE

18 “Ke tla phutha ba neng ba llela mekete, ba llela mekete e halalelang, e leng ba neng ba le hole, hole le wena, ba neng ba jere sekgobo sa hao.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ke tla bokella hammoho ba llelang diphutheho tse mahlonoko; ba tswile ho wena; ba imelwa ke nyatso!

Ver Capítulo Copiar




Sofonia 3:18
18 Referencias Cruzadas  

Nthomelle lesedi la hao le nnete ya hao, di tle di ntsamaise, di mphihlise thabeng ya hao e halalelang, di mphihlise leahong la hao.


Re sekgobo ho bao re ahisaneng le bona, re pale le sesomo ho ba re potapotileng.


“Nna ka seqo, ke tla bokella masalla a mohlape wa ka dinaheng tsohle tseo ke neng ke o leleketse ho tsona, ke boele ke o kgutlisetse masakeng a wona, mme o tla tswala, o anafale.


Tsela tsa Sione di se di le bodutu, hoba ha ho ya tlang meketeng e halalelang. Kgoro tsa Sione tsohle ha di na batho, baprista ba yona ba qetwa ke mefehelo, barwetsana ba yona ba matshwenyehong. Sione e tlokotsing tse bohloko haholo.


Nakong ya matshwenyeho a yona le ya ho lelera, Jerusalema e hopola matlotlo, matlotlo a yona wohle, ao e ne e le a yona mehleng ya kgalekgale. Ha tjhaba sa yona se wela matsohong a dira, ha ho a ba le ya kileng a e thusetsa. Dira tsa yona di ile tsa e sheba, tsa etsa metlae ka ho timetswa ha yona.


Ke tla di ntsha hara ditjhaba, ke di phuthe dinaheng disele, ke di kgutlisetse ha habo tsona. Ke tla di alosetsa dithabeng tsa Iseraele, le dikgohlong, le metseng yohle ya naha eo.


“Ke tla le ntsha hara baditjhaba, ke le phuthe dinaheng tsohle, ke le kgutlisetse naheng ya habo lona.


Morena a re ho yena: “Tsamaya hara motse wohle wa Jerusalema, mme bohle ba hlomohileng, ba lliswang ke manyala wohle a etswang hara motse ona, o ba tshwaye diphatleng.”


Bajuda le Baiseraele ba tla kopana, ba ikgethele mookamedi a le mong; ba hole, ba atlehe naheng ya bona, hoba tsatsi la Jesereele le tla ba leholo!”


Le tla etsang mohla tsatsi le halalelang, mohla letsatsi la mokete wa Morena?


Mohla tsatsi leo ke tla le kgobokanya, ke le kgobokanye, le kgutlele hae. Thabo le tlotla di tla le aparela, le le hara tjhaba tsohle tsa lefatshe, mohla ke le kgutlisetsang ha habo lona, ke le kgutlisa le ntse le tadimile,” ho rialo Morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos