Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sofonia 1:8 - BIBELE

8 Mohla Morena a etsang sehlabelo, ke tla otla mahosana le bara ba kgosi, le bohle ba apereng meaparo esele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Tsatsing la sehlabelo sa Jehova, ke tla kgalemela mahosana le bara ba morena, le bohle ba aparang seaparo sa basele;

Ver Capítulo Copiar




Sofonia 1:8
15 Referencias Cruzadas  

Jehu a re ho mohlokomedi wa kamore ya diaparo: “Tlisetsa bohle ba rapelang Baale diaparo!” Eo a ba tlisetsa tsona.


Etlare ha Morena a qetile mosebetsi wohle wa hae Thabeng ya Sione le Jerusalema, a otle kgosi ya Asiria ka baka la boikgohomoso ba pelo ya yona, le ka baka la ho inkela hodimo ha yona,


Morena, o lahlile tjhaba sa hao, e leng ntlo ya Jakobo, se tletse tumelo tse tswang Botjhabela, e bile ke dinohe jwaloka Bafilesita, se kgomaretse meetlo ya baditjhaba.


Ka tsatsi leo, Morena o tla otla, a otle mabotho a hodimo lehodimong, kgosi tsa lefatshe a di otlele lefatsheng.


Ba bang ba bara ba hao, ba tla tswalwa ke wena, ba tla thopuwa, e yo ba bahlanka ka tlung ya kgosi ya Babilona.”


Dikgosi ba a di soma, babusi ba a ba teola; diqhobosheane tsohle tsona ba a di tella, ba haha metero ya mobu, ba hape metse.


“Mosadi a se ke a apara seaparo sa banna, le monna a se ke a apara seaparo sa basadi, hobane e mong le e mong ya etsang dintho tsena ke manyala ho Morena Modimo wa hao.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos