Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sofonia 1:5 - BIBELE

5 bona ba obamang ba le hodima matlo, bona ba obamang, ba kgumamela dinaledi, ba kgumamela kgwedi, ba kgumamela letsatsi, bona ba obamang, ba hlapanye ka bitso la Morena, empa ba ntse ba hlapanya le ka Milekome.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 le ba kgumamang hodima matlo pela lekgotla la lehodimo, le bakgumami ba anang ka Jehova, ba anang le ka morena wa bona;

Ver Capítulo Copiar




Sofonia 1:5
30 Referencias Cruzadas  

Ke kahobane Solomone o mphuraletse. O kgumametse Asetarote, modimo wa Basidone, le Kemoshe, modimo wa Bamoabe, le Milekome, modimo wa Baamone. Ha a ya tsamaya ka ditsela tsa ka, ha a ya etsa ho lokileng mahlong a ka, mme ha a ya boloka ditaelo tsa ka le dikahlolo tsa ka, jwalokaha Davida, ntatae, yena a ile a di boloka.


Solomone a kgumamela Asetarote, modimo wa Basidone, le Milekome, e leng manyala a Baamone.


Elia a fihla ho setjhaba sohle, a re ho sona: “Le tla ba bo-temepedi ho fihlela neng? Haeba Morena ke yena Modimo, mo sebeletseng; le teng haeba Baale ke yena Modimo, sebeletsang yena.” Empa setjhaba sa kgutsa tu!


Leha batho bana ba ne ba ntse ba hlompha Morena, ba ile ba ikethela baprista mefuteng yohle ya bona, ba neng ba ba etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona.


Ba ne ba hlompha Morena, empa ba ntse ba sebeletsa medimo eo ya bona, jwalokaha ba ne ba ntse ba e sebeletsa dinaheng tseo ba tswang ho tsona.


Ditjhaba tsena di ne di hlompha Morena, empa tsona, le bana ba tsona, le ditloholo tsa tsona, tsa nna tsa sebeletsa le medimo ya tsona ya ditshwantsho tse betlilweng. Jwalokaha bo-ntata tsona ba ne ba etsa, le tsona di ntse di etsa jwalo le kajeno-ya-bokajeno.


Dialetare tse neng di le hodima marulelo a ntlo e kahodimo, ya Akase, tse neng di hahilwe ke dikgosi tsa Juda, le dialetare tseo Manase a neng a di hahile mabaleng a mabedi a Tempele ya Morena, kgosi ya di heletsa, ya di thua, ya lahlela kumokumo ya tsona ka molatswaneng wa Kiderone.


Bona ke boporofeta malebana le Kgohlo ya Pono: Ebe jwale molato ke ofe ha e le moo le hlweletse hodima matlo?


E mong o tla re: ‘Nna ke wa Morena;’ e mong yena a ipitse ka lebitso la Jakobo, wa boraro a ngole, a ngole ka letsoho la hae a re: ‘Nna ke wa Morena!’ ebe o ipitsa ka lebitso la Iseraele.”


Ke hlapantse ka nna, molomo wa ka o buile ka ho loka, lentswe la ka le ke ke la fetohelwa. Mangwele wohle a tla nkgumamela, maleme wohle le wona a ikane ka nna.


“Mamelang sena, lona ba ntlo ya Jakobo, lona ba bitswang ka lebitso la Iseraele, lona ba tswang lelokong la Juda, lona ba ikanang ka lebitso la Morena, lona ba rapelang Modimo wa Iseraele, empa e se ka nnete kapa ka ho loka.


Haeba ba ithuta mekgwa ya setjhaba sa ka hantle, mme ba hlapanya ka lebitso la ka, jwalokaha ba ile ba ruta setjhaba sa ka ho hlapanya ka Baale, ba re: ‘Ka Morena ya phelang,’ ba tla tsitsa hara setjhaba sa ka.


Matlo a Jerusalema le matlo a dikgosi tsa Juda a tla silafatswa jwaloka sebaka sa Tofete, ka baka la matlo wohle ao ba ileng ba hlwella hodima wona, ba tjhesetsa mokubetso hodima marulelo a wona, ba o tjhesetsa dinaledi, mme ba qhatsetsa medimo esele nyehelo ya dino.’ ”


Bakalatiya ba futuhetseng motse ona, ba tla fihla ba o tjhese ka mollo, hammoho le matlo ao beng ba wona ba nkgalefisitseng ka ho tjhesetsa Baale mokubetso hodima marulelo a matlo ao a bona, le ka ho etsetsa medimo esele nyehelo ya dino.


ha o ka hlapanya ka nna Morena ya phelang, wa hlapanya ka nnete le ka botshepehi, le ka ho loka, ditjhaba tsohle ke tla di hlohonolofatsa, ditjhaba tsohle di tla ntlotlisa.”


Malebana le Baamone Morena o bua tjena: “Na ebe Iseraele ha e na bara? Na ebe ha e na majalefa? Ho ya kang ha ba kgumamelang Milekome, e le bona ba jeleng lefa la Gade? Ho ya kang ha metseng ya Gade jwale ho se ho phela bona?


Leha ba hlapanya, ba re: ‘Ka Morena ya phelang,’ nnete ke hore ba hlapanya ka thetso.”


“Nka o tshwarela tsee ka baka lang? Bana ba hao ba mphuraletse, ba hlapanya ka medimo eo e seng medimo. Hoba ke ba fepe, ba je sa mpanaphatloha, ba ile ba ikabela ho etsa bofebe, ba hlolokana matlung a diotswa.


ebe le a tla, le fihla le ema kapele ho nna ka Tempeleng ee e bitswang ka lebitso la ka, le re: “Re namoletswe!” Le namoletswe ho etsa manyala aa wohle?


Na le tla utswa, le bolaye, le febe, le hlapanye ka leshano, le tjhesetse Baale mokubetso, le kgumamele medimo esele, eo le sa e tsebeng;


A tla beelwa letsatsi le kgwedi le dinaledi tsohle tsa lehodimo, e leng tseo beng ba masapo ana ba neng ba di rata, ba di sebeletsa, tseo ba neng ba di sala morao, ba kopa thuso ho tsona, ba di kgumamela. Ha a ka ke a bokellwa kapa a epelwa hape; a tla tshwana le kgapane e tletsatletseng hara naha.


Pelo tsa Baiseraele di tletse mano, kahoo ba fumantshwa kotlo ya bona. Modimo o tla heletsa dialetare tsa bona, a dihe difika tsa medingwana bona.


“Wena Iseraele, leha o iphetotse letekatse, Juda a se ke a ba molato jwaloka wena, Gilegale teng le se ke be la hata, le Bete-Afene le se nyolohele teng, kapa la hlapanya ka Modimo ya phelang!


Le ile la jara Sikute, kgosi ya lona, le Kiune, modingwana wa lona, le modingwana wa lona wa dinaledi, e leng eo le iketseditseng yona.


“Ha ho motho ya ka sebeletsang marena a mabedi, hobane o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ke ke la sebeletsa Modimo le Leruo.”


Ka la hosasane, ha bao ba ntse ba le tseleng, mme ba se ba atametse motse, Petrose a hlwella kahodima ntlo ho ya rapela; e ne e ka ba hara mpa ya motsheare.


hobane ho ngotswe, ho thwe: “Ke hlapanya ka nna, ho rialo Morena, mangwele wohle a tla nkgumamela, mme maleme wohle a tla tlotlisa Modimo.”


Le tshabe Morena Modimo wa lona. Le mo sebeletse, le mo kgomarele, le hlapanye ka lebitso la hae.


Esita leha le ka lelaletsa mahlo a lona lehodimong, la bona letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng mabotho wohle a lehodimo, le se ke la kgeloswa, la kgumama kapele ho tsona, la di sebeletsa. Tsena ke tseo Morena Modimo wa lona, a di abetseng ditjhaba tsohle tse katlasa lehodimo lohle.


Le se ke la kopakopana le ditjhaba tsena tse setseng hara lona; le se ke la bua le ka mabitso a medimo ya tsona, kapa la hlapanya ka yona, kapa la e sebeletsa, kapa la e kgumamela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos