Sofonia 1:18 - BIBELE18 Mohla tsatsi leo la kgalefo ya Morena, silefera ya bona, esita le yona kgauta, tsena ha di ka ke tsa tseba ho ba pholosa. Kgalefo ya Morena e tukang malakabe, e tla tlokoma, e tjhese lefatshe lohle. Baahi bohle ba lefatshe o tla ba timetsa, a ba timetse hang, ka ho panya ha ntshi.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)18 Leha e le silifera ya bona, leha e le kgauta ya bona, di ke ke tsa tseba ho ba namolela tsatsing la kgalefo ya Jehova; mme ka mollo wa poulelo ya hae, lefatshe lohle le tla tjheswa, hobane o tla fedisa, a be a timeletse baahi bohle ba lefatshe ka sehloho. Ver Capítulo |
Kahoo nkemeleng,” ho rialo Morena, “le nkemele ho fihlela ha ke le qosa. Ke na le morero wa ho phutha ditjhaba, wa ho di phutha le mebuso ya tsona, ke hlatsetse kgalefo ya ka hodima tsona, e leng bohale ba ka bo tukang malakabe. Lefatshe lohle le tla timetswa ka mollo, ka mollo wa kgalefo ya ka ya ho boulela.