Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 8:9 - BIBELE

9 Morena wa mabotho o bua tjena: “Jwale lona ba utlwang se builweng ke baporofeta ba neng ba le teng mohla ho bewang motheo wa Tempele ya Morena wa mabotho, tsohang molota, le hahe Tempele ena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Matsoho a lona a ke a tiye, lona ba utlwang mantswe ana a tswang melomong ya baporofeta tshiung tsena, e leng tseo ho theilweng ka tsona ntlo ya Jehova wa makgotla, e leng tempele, hore e hahuwe.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 8:9
18 Referencias Cruzadas  

Ha o ka ela hloko ho phethahatsa ditaelo le melao eo Morena a e laetseng Moshe malebana le Baiseraele, o tla atleha. Eba monna, o be sebete; o se ke wa tshaba leha e le ho tsieleha.


Davida a boela a re ho mora wa hae Solomone: “Eba monna, o be sebete, o etse jwalo. O se ke wa tshaba, kapa wa tsieleha, hobane Morena Modimo, e leng Modimo wa ka, o tla ba le wena. Ha a ka ke a o lahla, kapa a o furulla, ho fihlela o qeta mosebetsi wohle wa ho haha Tempele ya Morena.


Matlafalang ke hona, le se ke la kgathala matla, hobane le tla putswa.”


Baholo ba Bajuda ba nna ba tswela pele ho haha, mme ba atleha ho ya kamoo bo-moporofeta Hagai le Sakariya, mora wa Ido, ba neng ba ba kgothatsa kateng. Ba haha Tempele, ba ba ba e qeta, ho ya ka taelo ya Modimo wa Iseraele, le ho ya ka ditaelo tsa Siruse, le Dariuse, le Aretaseresese, dikgosi tsa Peresiya.


Matlafatsang matsoho a fokolang, le tiise le mangwele a rerekelang;


ho ba pelo di tshohileng le re: “Matlafalang, le se ke la tshaba, bonang, Modimo wa lona o tla ho le phetetsa, Modimo ke yena ya tla otla dira tsa lona, Modimo o tla tla, a le pholose.”


Ka letsatsi la pele la kgwedi ya botshelela, ka selemo sa bobedi sa puso ya kgosi Dariuse, lentswe la Morena la fihla ka moporofeta Hagai ho Serubabele, mora wa Shealetiele, mmusisi wa Juda; le ho Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, la re:


Yaba Serubabele, mora wa Shealetiele, le Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, le masalla wohle a setjhaba, ba mamela lentswe la Morena Modimo wa bona, le molaetsa wa moporofeta Hagai, hobane a ne a ronngwe ke Morena Modimo wa bona. Setjhaba sa tshaba Morena haholo.


‘Ho tloha kajeno, ho tloha hona ka tsatsi lena la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya borobong, hopolang letsatsi lena leo ka lona ho neng ho etswe motheo wa Tempele ya Morena. Hopolang letsatsi lena hantle:


“Bolella Serubabele, mmusisi wa Juda, hore ke tla reketlisa mahodimo le lefatshe.


Lona ba ntlo ya Juda le ba ntlo ya Iseraele, le bile sesupo sa thohako ho ditjhaba tsohle; jwale ke tla le pholosa, le tle le be sesupo sa tlhohonolofatso. Betang dipelo! Se tshabeng letho!”


Morena wa mabotho a boela a bua ho nna, a re:


Ke qetella ka ho re: Imatlafatseng ka matla a maholo a Morena.


Jwale wena ngwanaka, o matlafale ka mohau wa Kreste Jesu.


“Tsoha molota, o be sebete, hobane ke wena ya tla arolela setjhaba sena naha eo ke neng ke hlapanyetse bo-ntata sona hore ke tla se nea yona e le lefa la sona.


Kamehla o bue ka Molao ona, o o nahane motsheare le bosiu, e le hore o tle o hlokomele ho phetha tsohle tse ngotsweng ho wona, o tle o atlehe mesebetsing ya hao, mme o hlohonolofale ho tsohle tseo o di etsang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos