Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 4:6 - BIBELE

6 Lengeloi la araba, le re: “Morena o bua tjena ho Serubabele: ‘Hase ka dikgoka kapa ka matla o tlang ho atleha, empa ke ka Moya wa ka,’ ho rialo Morena wa mabotho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Yaba o mpolella, a re: Ke lentswe la Jehova ho Sorababele, le reng: Hase ka matla le ka borena, empa e le ka moya wa ka, ho bolela Jehova wa makgotla!

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 4:6
33 Referencias Cruzadas  

Josefa a arabela Faro, a re: “Hase nna; ke Modimo ya tla senolela Faro tse molemo.”


Hoba tshisinyeho eo e kgaotse, ha eba le mollo, empa Morena o ne a le siyo kahara mollo oo. Hoba mollo oo o fete, ha utlwahala lentswe le lesesanyane, le hweshetsang.


Yaba Asa o ipiletsa ho Morena Modimo wa hae, o re: “Morena, ke ntho e nyenyane ho wena ho thusetsa ya fokolang ho ya matla. Re thuse Morena Modimo wa rona, hobane re o tshepile. Re futuhela lebothohadi lena ka lebitso la hao. Oho, Morena, o Modimo wa rona, ho se be motho ya ka o hlolang.”


Ba ne ba tle le Serubabele, le Jeshua, le Nehemia, le Seraya, le Reelaya, le Moredekai, le Bileshane, le Misepara, le Bigifai, le Rehume, le Baana. Palo ya banna ba setjhaba sa Iseraele ke ena:


Eitse ha dihahi di rala motheo wa Tempele ya Morena, baprista ba ema ba apere diaparo tsa bona, ba nkile diterompeta; Balevi, e leng bara ba Asafo, bona ba nkile matlheretlhere, hore ba rorise Morena, ho latela taelo ya Davida, kgosi ya Iseraele.


Yaba bo-Serubabele, mora wa Shealetiele, le Jeshua, mora wa Josadake, ba a ema, ba qala ho haha Tempele ya Morena, Jerusalema. Baporofeta ba Modimo ba ne ba ena le bona, ba ba thusa.


Kgosi ha e ke a fenye, ha e ke e fenye ka baka la dimphihadi tsa yona, mohale ha a ke a hlole, ha a ke a hlole ka baka la bonatlahadi ba hae.


Ke bone ho hong hape mona lefatsheng: Ba lebelo hase bona ba siyang kamehla, dinatla hase tsona tse hlolang kamehla, ba bohlale hase bona ba tjhayang kamehla, ba masene hase bona ba ruang kamehla, bahlalefi ha ba dule tulo tse phahameng kamehla; menyetla e tlela bohle ka dinako tsa yona.


Morena o re: “Le madimabe hakaakang bana ba mahlabaphiyo, ba phethang merero eo e seng ya ka, ba etsang dilekane ba se na Moya wa ka, ba etsang hore dibe di tote!


ho fihlela Moya o tswang hodimo o theolelwa hodima rona, lehwatata le fetoha kgwiti ya masimo, kgwiti eo e tshwana le moru o teteaneng.


Fuputsa bukeng ya Morena, o bale: Ha ho le e nngwe ya tsona e tla ba siyo, ha ho le e nngwe ya tsona e tla hloka molekane. Ke molomo wa Morena o entseng taelo, ke Moya wa hae o tla di bokella.


Bitso la Morena le tla tshajwa, le tshajwe ho tloha bophirimela, tlotla ya hae e tshajwe, e tshajwe ho tloha botjhabela. Ha sera se futuha jwaloka sekgohola, Moya wa Morena o tla se lelekela hole.


Ha o ntse o se shebile jwalo, lejwe le ile la kgephoha, empa le sa kgepholwe ke motho, la otla maoto a setshwantsho a entsweng ka tshepe le ka letsopa, la a thuakanya.


Empa ke tla hauhela ba ntlo ya Juda, nna Morena Modimo wa bona, ke ba pholose. Ha nka ke ka ba pholosa ka seqha kapa sabole, kapa ka ntwa kapa dipere kapa bapalami.”


Ka letsatsi la pele la kgwedi ya botshelela, ka selemo sa bobedi sa puso ya kgosi Dariuse, lentswe la Morena la fihla ka moporofeta Hagai ho Serubabele, mora wa Shealetiele, mmusisi wa Juda; le ho Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, la re:


“Bolella Serubabele, mmusisi wa Juda, hore ke tla reketlisa mahodimo le lefatshe.


O be o bolelle Joshua hore Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Monna ya bitswang Lekala ke enwa; o tla hlomela moo a leng hona teng, a hahe Tempele ya Morena.


“Morena Modimo wa meya yohle, le wa batho bohle, a ke a kgethele setjhaba sena monna,


Rwalang katiba ya tshepe ya pholoho, le tshware sabole ya Moya, e leng lentswe la Modimo.


Ba ile ba senolelwa hore ba ne ba sa itshebeletse, empa ba ne ba sebeletsa lona ka molaetsa oo le o tsebiswang jwale ke ba le bolellang wona, ka Moya o Halalelang, o romilweng o etswa lehodimong. Ke molaetsa oo le mangeloi a lakatsang ho o utlwisisa.


Yaba Jonathane o re ho mohlankana ya neng a jere dihlomo tsa hae: “Tloo, re tshelele moo maqai ana a laletseng teng; mohlomong Morena o tla re thusa, hore re a hlole, ebang re bangata kapa re mmalwana, hobane ha ho letho le ka sitang Morena.”


Le letshwele lena lohle le tle le tsebe hore Morena ha a pholose ka sabole le lerumo feela, hobane ntwa ena ke ya Morena, mme o tla neelana ka lona matsohong a rona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos