Yaba bo-Serubabele, mora wa Shealetiele, le Jeshua, mora wa Josadake, ba a ema, ba qala ho haha Tempele ya Morena, Jerusalema. Baporofeta ba Modimo ba ne ba ena le bona, ba ba thusa.
Ka botsa lengeloi le neng le bua le nna, ka re: “Dintho tsee ke ding?” Lengeloi la nkaraba, la re: “Tsena ke dinaka tse qhalantseng Juda le Iseraele le Jerusalema.”
Ka botsa motho eo, ka re: “Monghadi, dintho tsee ke dintho ding?” Lengeloi le neng le bua le nna la araba, la re: “Ke tla o bontsha hore na ke dintho ding.”