Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 3:5 - BIBELE

5 Yaba lengeloi le re: “Mo rweseng tuku e hlwekileng hloohong.” Ba mo rwesa tuku e hlwekileng, ba mo apesa diaparo tse ntlentle, lengeloi la Morena le ntse le eme moo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ka re: A ba ke ba mo rwese katiba e hlwekileng hloohong. Yaba ba mo rwesa katiba e hlwekileng hloohong, ba mo apesa le diaparo; lengeloi la Jehova le ne le eme moo.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 3:5
13 Referencias Cruzadas  

Ho loka e ne le seaparo sa ka, kahlolo ya ka e le kobo le moqhaka wa ka.


O mo rwese katiba hloohong, ebe o bea moqhaka o halalelang hodima katiba eo.


le diipone, le diaparo tsa lene, le dituku, le ditjale.


Ke tla thabela Morena ka pelo ya ka yohle, moya wa ka o thabele Modimo wa ka haholo, hobane o nkapesitse kobo ya ho pholoswa, a nkwahela ka seaparo sa ho loka, jwalokaha monyadi a ikgabisa ka moqhaka, a ikgabisa jwaloka moprista a ikgabisa, monyaduwa a tlatlapela mabenyane a hae.


Hang hoba baprista ba kene ka sebakeng se halalelang, ba ke ke ba tswela lebaleng le kantle, ho fihlela ba hlobola diaparo tseo ba sebeletsang ba di apere, hobane di a halalela. Ba tla apara diaparo tse ding ba eso ka ba atamela dibaka tseo setjhaba se leng ho tsona.”


Lengeloi la Morena la nto laya Joshua, la re:


Ka silefera eo le ka kgauta eo o etse mofapahlooho, o o rwese Joshua, Moprista e Moholo, mora wa Josadake.


baholo ba mashome a mabedi a metso e mene ba itihela fatshe kapele ho ya dutseng teroneng, ba kgumamela ya phelang kamehla le mehla, mme ba akgela mefapahlooho ya bona kapele ho terone, ba ntse ba re:


Terone e ne e potapotilwe ke diterone tse mashome a mabedi a metso e mene, mme diteroneng tseo ho ne ho dutse baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba apereng diaparo tse tshweu, ba rwetseng mefapahlooho ya kgauta dihloohong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos