Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 3:1 - BIBELE

1 Morena a mpontsha Joshua, Moprista e Moholo, a eme kapele ho lengeloi la Morena, le Satane a eme ka letsohong le letona la Joshua, a itokisetsa ho mo qosa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba Jehova o mpontsha Joshua, moprista e moholo, a eme pela lengeloi la Jehova, mme Satane a eme ka letsohong la hae le letona, ho mo hanela.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 3:1
36 Referencias Cruzadas  

Ke tla hlahisa bora pakeng tsa hao le mosadi, le pakeng tsa madinyane a hao le bana ba hae. Bana ba hae ba tla kgoba hlooho ya hao; wena o tla ba loma serethe.”


Lengeloi le ntopoletseng bobeng bohle, a hlohonolofatse bahlankana bana! Bitso la ka, le la Aborahama, le la Isaka, a ke a tume, a tumiswe ke bona, ba ke ba ate, ebe letshwele naheng ena.”


Satane a tsohela Baiseraele matla, mme a hlohleletsa Davida hore a bale Baiseraele.


Bara ba ka, se beng mahlaswa, hobane Morena o le kgethile hore le eme kapele ho yena, le mo sebeletse, le be basebeletsi ba hae ba mo tjhesetsang mokubetso.”


Bara ba baprista, ba ileng ba fumanwa ba nyetse basadi ba baditjhaba, ke bana: Hara bara ba Jeshua, mora wa Josadake, le ba bana babo, e ne e le Maasiya, le Eleesere, le Jaribe, le Gedaleya.


Ba ne ba tle le Serubabele, le Jeshua, le Nehemia, le Seraya, le Reelaya, le Moredekai, le Bileshane, le Misepara, le Bigifai, le Rehume, le Baana. Palo ya banna ba setjhaba sa Iseraele ke ena:


Yaba bo-Serubabele, mora wa Shealetiele, le Jeshua, mora wa Josadake, ba a ema, ba qala ho haha Tempele ya Morena, Jerusalema. Baporofeta ba Modimo ba ne ba ena le bona, ba ba thusa.


Yaba o re o a ba fedisa, empa Moshe, mokgethwa wa hae, a kena dipakeng, a phoka bohale ba hae hore bo se ba timetse.


Ako bee ya kgopo ho ahlola motho eo, moqosi wa hae a nne a eme ka hlakoreng la hae le letona.


Ka baka leo, Morena o bua tjena: “Haeba o ka baka ke tla o busetsa tulong tsa hao, haeba o bua polelo tse ntle e seng tsa mafeela, e tla ba wena molomo wa ka, o ntshebeletse, tjhaba sena se ye ka ditsela tsa hao, e seng wena o ye ka ditsela tsa sona.


Empa ba tla nne ba sebeletse ka Sehalalelong sa ka, ba hlokomele dikgoro tsa Tempele, mme ba sebeletse ka ho yona. Ba tla hlaba diphoofolo tsa nyehelo ya setjheso le tsa mahlabelo a etsetswang setjhaba, mme ba eme kapele ho sona ba se sebeletse.


“ ‘Ha e le baprista bao e leng Balevi, ditloholo tsa Sadoke, ba ileng ba sebeletsa ka Sehalalelong sa ka ha bana ba Iseraele ba mphuralla, ba tla atamela ho nna ho tla ntshebeletsa, mme ba eme kapele ho nna ho nyehela ka mahlabelo a mafura le a madi, ho rialo Morena Modimo.


Ka letsatsi la pele la kgwedi ya botshelela, ka selemo sa bobedi sa puso ya kgosi Dariuse, lentswe la Morena la fihla ka moporofeta Hagai ho Serubabele, mora wa Shealetiele, mmusisi wa Juda; le ho Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, la re:


Yaba Serubabele, mora wa Shealetiele, le Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, le masalla wohle a setjhaba, ba mamela lentswe la Morena Modimo wa bona, le molaetsa wa moporofeta Hagai, hobane a ne a ronngwe ke Morena Modimo wa bona. Setjhaba sa tshaba Morena haholo.


Empa jwale beta pelo, wena Serubabele!’ ho rialo Morena. ‘Beta pelo, wena Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo! Betang pelo, lona setjhaba sohle sa naha ena!’ ho rialo Morena. ‘Sebetsang, hobane ke na le lona,’ ho rialo Morena wa mabotho.


Jwale Morena a kgothatsa lengeloi le neng le bua le nna, a le tshedisa.


Ka botsa lengeloi le neng le bua le nna, ka re: “Dintho tsee ke ding?” Lengeloi la nkaraba, la re: “Tsena ke dinaka tse qhalantseng Juda le Iseraele le Jerusalema.”


Ka botsa motho eo, ka re: “Monghadi, dintho tsee ke dintho ding?” Lengeloi le neng le bua le nna la araba, la re: “Ke tla o bontsha hore na ke dintho ding.”


Ka bona lengeloi le neng le bua le nna le atamela, mme lengeloi le leng la atamela ho tla le kgahlanyetsa.


“ ‘Oho, wena Joshua, Moprista e Moholo, wena le balekane ba hao ba dutseng kapele ho wena; lona bohle ba dupang tse molemo, mamelang mona: Ke tla romela mohlanka wa ka, e leng Lekala!


Yaba le re: “A tshwantsha banna ba babedi, ba tlotseditsweng ho sebeletsa Morena wa lefatshe lohle.”


Ka silefera eo le ka kgauta eo o etse mofapahlooho, o o rwese Joshua, Moprista e Moholo, mora wa Josadake.


“Bona, ke tla romela leqosa la ka ho ntokisetsa tsela. Morena eo le mmatlang o tla kena ka Tempeleng ya hae a sa lebellwa. Moromuwa eo le mo lebeletseng o a tla, a phatlalatse selekane sa ka,” ho rialo Morena wa mabotho.


Fadimehang ke hona, le rapele ka dinako tsohle, hore le tle le be le matla a ho phonyoha tsena tsohle, tse seng di tla etsahala, le a ho ema pela Mora Motho.”


“Simone, Simone, bona, Satane o le kopile hore a le hlokole jwaloka koro,


Ka yona nako eo Morena a khetha ba morabe wa Levi, hore ba jare areka ya selekane sa Morena, ba eme kapele ho Morena, ba mo sebeletse, ba hlohonolofatse ka lebitso la hae ho fihlela kajeno.


Morena Modimo wa hao, o tla hlahisa Moporofeta ya kang nna hara bana babo lona; le tle le mo mamele.


Ebang le boitshwaro, le fadimehe. Diabolosi, sera sa lona, o solla jwaloka tau e purumang, a ntse a batla eo a ka mo harolang.


Jwale banna ba Bete-Shemeshe ba re: “Ke mang ya ka emang kapele ho Morena, Modimo eo ya halalelang? Areka ee re tla e isa ho mang, hore e tlohe pela rona?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos