Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 2:12 - BIBELE

12 Naheng eo e halalelang Morena o tla inkela Juda, e be lefa la hae, a boele a ikgethele Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Jehova o tla rua Juda, e be kabelo ya hae naheng e kgethehileng; o sa tla ikgethela Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 2:12
19 Referencias Cruzadas  

Empa ke kgethile Jerusalema hore ke tle ke kgumamellwe teng, mme ke kgethile Davida hore a buse setjhaba sa ka sa Iseraele.’


Hamane a bolella Sereshe, mosadi wa hae, le metswalle ya hae yohle, tsohle tse mo hlahetseng. Yaba metswalle eo ya hae e bohlale, le Sereshe, mosadi wa hae, ba re ho yena: “Haeba Moredekai, eo o seng o qadile ho theoha boemong ba hao kapele ho yena, e le wa leloko la Bajuda, o ke ke wa hlola o mo hlola, empa o tla fela o timele!”


“Le se ke la ama batlotsuwa ba ka, le se ke la etsa baporofeta ba ka hampe.”


Morena o ikgethetse Sione, o ratile hore e be leaho la hae;


a re: “Sena ke sebaka sa ka sa phomolo sa kamehla, ke tla aha mona hobane ke ratile jwalo.


Morena o ikgethetse, a ikgethela leloko la Jakobo, e leng Iseraele, hore e be leruo la hae.


Ho lehlohonolo setjhaba seo Morena e leng Modimo wa sona, morabe oo a ikgethetseng wona, a ikgethela wona ho ba leruo la hae.


Thusa, Modimo, o ahlole lefatshe, hobane ditjhaba tsohle ke tsa hao.


Morena o tla hauhela Jakobo, a boele a ikgethele Baiseraele, a ba ahise naheng ya bona; baditjhaba ba tla aha le bona, ba kgomarele ntlo ya Jakobo.


Mantsiboya di bakela bohle matswalo, le eso tjhabe tsona di se di nyametse! Ena ke yona kabelo ya ba hapang tsa rona, ke yona kabelo ya ba senyang tsa rona.


ke o latile pheletsong tsa lefatshe, ka o bitsa o le qoleng tse hole tsa lona, ka re ho wena: ‘O mohlanka wa ka,’ ke ikgethetse wena, ha kea o lahla.


Modimo wa Jakobo yena ha a tshwane le yona, hobane ke yena Mmopi wa tsohle; o kgethile Iseraele hore e be tjhaba sa hae, Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae.


Bohle ba o timetsang le bona ba tla timetswa, dira tsa hao tsohle di tla thopuwa. Ba o hanyapetsang ba tla hanyapetswa, ba o hapelang le bona ba tla hapelwa.


Modimo wa Jakobo ha a tshwane le medingwana, hobane yena ke mmopi wa tsohletsohle, o kgethile Iseraele hore e be tjhaba sa hae: Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae.”


“Howeletsa hape, o re: Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Metse ya ka e tla boela e eba le nala, Morena a tshedise Sione hape, a boele a ikgethele Jerusalema.’ ”


Morena a re ho Satane: “Wena Satane, Morena o a o kgalemela! Morena ya ikgethetseng Jerusalema o a o kgalemela! Na motho eo hase lefatsa le hutsweng mollong le ntse le tuka?”


“A na a mo fumana a lelera lehwatateng, feelleng le bodutu la dipukupuku; a mo sireletsa, a mo baballa, a mo hlokomela seka thaka ya leihlo.


Seabo sa Morena ke setjhaba sa hae, Jakobo ke karolo ya lefa la hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos