Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 12:6 - BIBELE

6 “Mohla tsatsi leo, ke tla fetola baholo ba Juda, ke ba etse pitsa e hlenneng hara tetema ya mollo, e ke serumola se tukang hara mangata a koro. Ba tla bolaya ditjhaba tsohle tse e potapotileng, empa Jerusalema yona e tla sala e ntse e ena le baahi moo e leng teng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ka tsatsi leo, ke tla fetola mahosana a Juda, a be jwaloka sebopi sa mollo hara dipatsi, le jwaloka serumula sa mollo hara mangata a koro, mme a tla ja ka ho le letona le ka ho le letshehadi ditjhaba tsohle tse kamathoko; haele Jerusalema, o tla nne a dule setsheng sa hae, Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 12:6
25 Referencias Cruzadas  

O tla namela ka ho le letona le ka ho le letshehadi, ditloholo tsa hao di tla hapa naha tsa baditjhaba, di ahe metseng eo e seng e le masupi.


Ba ja tse ka tsohong le letona, empa ha ba ke be ba kgore, ba je tse ka ho le letshehadi, le teng ba se ke be ba kgotsofale, motho ka mong a je nama ya tsoho la hae.


Morena o bua tjena: “Ke tla kgutlisa tjhaba sa ka, ke se kgutlisetse naheng ya sona, lelapa ka leng ke le hauhele. Masupi a Jerusalema a tla tsoswa, le yona ntlo ya bokgosi e be e tsoswe.


Ntlo ya Jakobo e tla ba mollo, ntlo ya Josefa e be lelakabe, ntlo ya Esau yona e be matlakala; ba tla e hotetsa ka mollo, ba e tjhese, ho se be ya phonyohang wa ntlo ya Esau,” ho rialo Morena.


“Wena Moradi wa Sione, tsoha, o pole! Ke tla o kgwesa manaka a tshepe, ke o rwese tlhako tsa lethose, o tlo robokele tjhaba tse ngata.” O tla nyehella Morena ka kgapo ya hao, o mo nyehelle ka leruo la tsona, o nyehelle Morena wa lefatshe lohle.


“Ka baka leo, Morena o bua tjena: ‘Ke kgutletse Jerusalema ho tla e hauhela, mme Tempele ya ka e tla tsoswa,’ ho rialo Morena wa mabotho. ‘Le kgwele e methang e tla otlollelwa hodima Jerusalema,’ ho rialo Morena wa mabotho.


Wena Lebanone, bula menyako ya hao, mollo o tlo tjhese kedare tsa hao!


Jwale baholo ba Juda ba tla bua ka pelo, ba re: ‘Baahi ba Jerusalema ba matlafatswa ke Morena wa mabotho, Modimo wa bona.’


Naheng eo e halalelang Morena o tla inkela Juda, e be lefa la hae, a boele a ikgethele Jerusalema.


Lengeloi la bobedi la re ho la pele: “Matha, o yo bolella mohlankanyana eo, o re: ‘Ka baka la bongata ba batho le ba mehlape, Jerusalema ha e na ho haheletswa ka marako.


Morena wa mabotho o tla ba sireletsa, dira tsa bona ba tla di timetsa, ba di hlole ka majwe a matjeketjane. Madi a tsona ba tla a nwa sa veine, ba sasamatse dimpa sa lefiswana le tletse, ba a kganathele sa manaka a aletare.


ka dipolelo tsa nnete, ka matla a Modimo, ka dihlomo tsa ho loka ka letsohong le letona le ka ho le letshehadi,


Tsa tlala lefatshe ka bophara ba lona, mme tsa dikanela diahelo tsa badumedi le motse o ratwang, empa mollo wa theoha lehodimong, wa di fedisa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos