Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 12:12 - BIBELE

12 Naha e tla lla, lelapa ka leng le lle ka bolona, le basadi ba lle ba le bang: Lelapa la Davida le basadi ba lona, lelapa la Nathane le basadi ba lona,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Lefatshe le tla lla, ho lle masika wohle ka bonngwe; lesika la ntlo ya Davida ka bonngwe, le basadi ba teng ka bonngwe;

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 12:12
17 Referencias Cruzadas  

Morena a romela Nathane ho Davida. Nathane a fihla ho yena, a re: “Motseng o mong ho ne ho ena le banna ba babedi, e mong a ruile, e mong a futsanehile.


Ana ke mabitso a bao a ileng a ba tswallwa ha a le Jerusalema: Shamua, le Shobabe, le Nathane, le Solomone,


Yaba Faro o tsoha bosiu, yena le bahlanka ba hae, le Baegepeta bohle, mme ha eba le seboko sa phohomela Egepeta, hobane ho ne ho se lelapa le se nang ya shweleng.


Ere ho kgosi le ho mofumahadi, mmakgosi: “Theohang diteroneng le ikokobetse, hoba le rodisitswe mefapahlooho ya tlotla.”


Lentswe le llang le utlwahetse hodima maralla, e le dithapelo tsa bana ba Iseraele, hoba ba kgelohile ditsela tsa bona, ba lebetse Morena, Modimo wa bona.


“Ruri ke utlwile Efraime a itelela, a re: ‘Wena o ile wa nkotla, wa nkotla sa pohwana, pohwana ya lethapisana; nkgutlise ke hona, mme ke tla kgutla, hobane wena o Morena, Modimo wa ka.


Kahoo lefatshe le tla ba le bofifi, mahodimo a hodimo le wona a fifale, hobane ke boletse, ke se ke rerile, nke ke ka fetoha kapa ka tjhetjha.”


Bokellang setjhaba se kgobokane, le meme phutheho e halalelang; phuthang maqheku le phuthe bana, le phuthe le masea a anyesang. Monyadi a tswe ka kamoreng ya hae, monyaduwa a tswe ka leqatheng la hae.


Mohla tsatsi leo, sello sa Jerusalema e tla ba sa mmokotsane, se tshwane le sa mohla ho neng ho llelwa Hadade-Rimone, phuleng ya Megido.


lelapa la Levi le basadi ba lona, lelapa la Shimei le basadi ba lona,


le ho ya botsa baprista ba Tempele ya Morena wa mabotho, le baporofeta, ba re: “Na re tshwanela ho lla le ho itima dijo ka kgwedi ya bohlano, jwalokaha re nnile ra etsa ka dilemo tse ngatangata?”


“Jwale pontsho ya Mora Motho e tla hlaha lehodimong, merabe yohle ya lefatshe e tla ikotla difuba ka dillo, mme e tla bona Mora Motho a etla a le hodima maru a lehodimo, ka matla le ka tlotla e kgolo.


mora wa Melea, mora wa Menna, mora wa Matatha, mora wa Nathane, mora wa Davida,


Le se ke la timana, haese ka tumellano, ka nakwana, e le hore le iphe nako ya ho rapela. Kamora moo le boele le kopane, esere Satane a le leka ka baka la ho hloka boitshwaro ha lona.


Ke eo a etla a le hara maru, mme mahlo a bohle a tla mmona, esita le bona ba mo hlabileng, mme meloko yohle ya lefatshe e tla mo llela. E! A ho be jwalo!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos