Sakaria 11:3 - BIBELE3 Utlwang ha badisa ba bokolla, ba bokolla hoba makgulo a senyehile! Utlwang ditawana ha di puruma; meru e opaneng ya Jorodane e senyehile! Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)3 Ho utlwahala dillo tsa badisa, hobane kganya ya bona e sentswe; ho utlwahala ho rora ha ditawana, hobane mahlaka a Jordane a sentswe. Ver Capítulo |
“Jwaloka tau e tswang merung ya Jorodane, e etswa ho ya makgulong a matalana, ka ho panya ha ntshi Edomo ke tla e leleka, ke e leleke naheng e le ya yona. Ba tla sireletswa ke mang ha ke ba otla? Ya ka tshwanang le nna ebe ke mang? Ya ka nkisang kgotla yena ke mang? Moetapele ke ofe ya ka nkemang kapele?”