Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 11:11 - BIBELE

11 Sa fediswa hona mohla tsatsi leo, mme bahwebi ba neng ba ntadimile ba utlwisisa hore tsena tsohle ke tse builweng ke Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Sa kgaolwa ka tsatsi leo; mme tse fokolang tsa mohlape, tse neng di ntlhokomela, tsa lemoha kahoo hobane e be e le lentswe la Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 11:11
27 Referencias Cruzadas  

ntle ho eo a neng a e fumana ka lekgetho le lefiswang bahwebi le barekisi. Dikgosi tsohle tsa Arabia, le babusi ba ditereke, le bona ba tlisetsa Solomone kgauta le silefera.


Ba eisehang ba tla bona, ba thabe; lona, ba batlang Modimo, betang dipelo.


Ho tla thweng ha ho arajwa maqosa a naha eo? “Morena o tsitsisitse Sione, bahlophehi ba tjhaba sa hae ba tla tshabela teng.”


empa ba tshepileng Morena ba tla tsoha molota, ba fofele hodimo jwaloka ntsu; ba tla matha, empa ba ke ke ba kgathala, ba tsamaye, ba se ke ba fellwa ke matla.


Ha e le nna ke tshepile Morena, yena ya patileng sefahleho sa hae, a se patela ntlo ya Jakobo; ke yena eo ke tla mo lebella.


“Yaba Hanamele, mora wa rangwane, o fihla ho nna ka lebaleng la tjhankana, ho ya ka polelo ya Morena, o re ho nna: ‘Ako reke tshimo ya ka e Anatote, naheng ya Benjamine hle, hobane o na le tokelo ya bojalefa le ya ho lopolla. Ithekele yona.’ “Yaba ke a tseba, he, hore lena ke lona lentswe la Morena.


Empa nna ke tla lebella Morena, ke lebelle Modimo, Mopholosi wa ka; Modimo wa ka o tla nkutlwa.


Tjhaba se mosa, se ikokobetsang, se tla o salla se ntse se phela, se ntse se phela, se tshepile Morena.


empa ba ne ba sa fumane seo ba ka se etsang, hobane batho bohle ba ne ba mo kgomaretse, ba mo mamela.


Jwale ho ne ho ena le monna Jerusalema ya bitswang Simeone. Monna eo o ne a lokile, a hlompha Modimo, a lebeletse tshediso ya Iseraele, mme Moya o Halalelang o ne o le ho yena.


A fihla ka yona nako eo, a boka Modimo, a bua ka Jesu ho bohle ba lebeletseng topollo ya Jerusalema.


E ne e le wa Arimathea motse wa Bajuda, mme o ne a lebeletse Mmuso wa Modimo. Feela yena o ne a sa dumellana le lekgotla le diketso tsa lona.


A araba baromuwa bao, a re: “Eyang le tsebise Johanne tseo le di boneng, le tseo le di utlwileng: difofu di boetse di a bona, diritsa di a tsamaya, balepera ba a hlwekiswa, mme bo-tsebetutu ba a utlwa, bafu ba a tsoha, mafutsana a bolellwa molaetsa o molemo;


Etlare ha bomadimabe bo tshabehang, le ditsietsi tse ngata di ba wetse hodimo, ebe sefela sena e ba paki e ba tswang, hobane ditloholo tsa bona di tla be di sa lebala ho se bina. Ke se ke ntse ke tseba mehopolo eo ba e hopolang kajeno, le pele ke ba fihlisa naheng eo ke neng ke e hlapanyetse bo-ntata bona.”


Ke a tseba hore kamora lefu la ka ruri le tla itshilafatsa, le kgelohe tsela eo ke le laetseng yona. Hamorao bomadimabe bo tla le wela hodimo, ha le etsa bokgopo mahlong a Morena, le mo halefisa ka mesebetsi eo le e etsang.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos