Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 10:1 - BIBELE

1 Kopang Morena ho le fa pula, selemo, kaha ho fehla maru a pula o a ho tseba. O nesetsa batho pula ya ditlwebelele, a e nesetse bohle, le dijalo hara masimo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Qelang pula ho Jehova ka nako ya dipula tsa selemo: ke Jehova o hlahisang mahadima; o tla ba nea pula ya modupe, a fe e mong le e mong tse melang tshimong ya hae.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 10:1
31 Referencias Cruzadas  

Elia, ya neng a ahile Tishebe e Gileade, a re ho Akabe: “Ka Morena Modimo wa Iseraele ya phelang, eo ke mo sebeletsang, ho ke ke ha lala phoka, kapa ha na pula ka dilemo tsena, haese ka taelo ya ka.”


Ba ne ba ntebella sa ha ho lebellwa pula, polelo tsa ka di thopothela sa pula ya selemo.


O nesetsa dithaba pula o le tlung ya bokgosi ba hao, lefatshe le kgotshe ditholwana, tholwana tsa mesebetsi ya hao.


Ke yena ya nyollang maru, a a nyolle dipheletsong tsa lefatshe, ya nesang pula ka mahadima, ya bulelang difefo moo a di kwaletseng teng.


Ba ahileng dipheletsong tsa lefatshe ba tshaba dipontsho tsa hao; o etsa hore bohle ba howe ka thabo, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela.


A be jwaloka pula a nelang jwang, le jwaloka medupe e nwesetsang lefatshe.


Ho thaba ha kgosi ho a phedisa, mohau wa yona o ka leru la pula selemo.


Dijalo tsa lona, tseo le di jalang masimong, Morena o tla di nesetsa pula, a le fe dijo tse ngata tse tswang mobung, tjhai e be kgolo. Mohlang oo, mehlape ya lona e fula makgulong a mangata.


“Ke tla nesetsa pula naheng e omeletseng, ke phallise melatswana mobung o omeletseng; ke tla theolela Moya wa ka hodima ditloholo tsa hao, ke theolele mahlohonolo a ka hodima tsona.


Ke tla e tlohela e senyehe, morara o ke ke wa faolwa kapa wa lemelwa, hlabahlabane le meutlwa di tla mela ho yona, ke thibele maru a se ka e nesetsa pula.”


Ha a thwathwaretsa metsi a lehodimo a a hwasa, o nyolla maru pheletsong tsa lefatshe, ha pula e ena o tsekemisa lehadima, a bulele difefo, di tswe moo di kwaletsweng.


Hara medingwana ya mafeela, medingwana ya baditjhaba, na o teng o ka tsebang ho nesa pula? Na lehodimo le theola mafafatsane ka bolona? Na hase wena Morena, Modimo wa rona? Ka baka leo, rona re tshepile wena, hoba tsena tsohle di etswa ke wena.”


Ha se sa bua le ka dipelo, sa re: ‘A re tshabeng Morena, Modimo wa rona, ya re nesetsang dipula tsa hwetla, le mafafatsane a selemo ka nako ya teng; ya sa keng a lebala ho re tlisetsa dinako tse sa fetoheng, nako tsa ho kotula.’


Ha a thwathwaretsa metsi a lehodimo a a qhwebeshana, o nyolla mohodi pheletsong tsa lefatshe. ha pula e ena o tsekemisa lehadima, a bulele meya moo a ntsa e kwaletse teng.


“Ke tla di hlohonolofatsa, ke hlohonolofatse le dibaka tse potapotileng leralla la ka. Ke tla nesa dipula ka nako ya tsona, e be dipula tsa mahlohonolo.


“Morena Modimo o bua tjena: Seo ke tla boela ke dumela ba ntlo ya Iseraele ho nkopa sona, mme ke ba etsetse sona, ke sena: Ke tla ba atisetsa thari, ba be jwaloka mohlape wa dinku,


Motho ka mong a kgathe thite ya hae, a itjalle ho loka ho tswalang lerato, a kotule molemo o tswalwang ke botshepehi. Nako e fihlile ya ho batla Morena, ya ho mmatla ho fihlela a etla, a le nesetsa pula ya mahlohonolo.


A re lekeng ho tseba Morena, re ikitlaeletseng ho mo tseba. Ho tla ha hae ke ha nnete, ha nnete ya ho tla ha mafube; o tla tla ho rona sa medupe ya pula, sa pula tse kolobisang, tse kolobisang mobu selemo.”


“Kgwedi di sa le tharo ho eso kotulwe, ha ke a ka ka le nesetsa pula; motse o mong ka o nesetsa pula, o mong wona ka se ke ka o nesetsa pula; tshimo e nngwe ya nelwa ke pula, e nngwe yona ya e hloka, ya omella.


Masalla a Jakobo a tla ba teng, a be teng hara ditjhaba tse ngata, a be jwaloka phoka e tswang ho Morena, a be jwaloka medupe e kolobisang jwang, medupe e sa ke be e laelwe ke motho, kapa e emele ho phetha thato ya motho.


Mohlang oo ha le na ho mpotsa letho. Kannetenete, ke a le bolella hore eng kapa eng eo le e kopang ho Ntate ka lebitso la ka, o tla le nea yona.


Nna ke ile ka lema, Apolosi yena a nwesetsa, empa ke Modimo ya medisitseng.


Lehodimo le o okametseng le ke ke la nesa pula, mobu oo o tsamayang hodima wona o tla ba sengangata jwaloka tshepe.


Bana beso, mamellang ho fihlela Morena a kgutla. Bonang kamoo molemi a emelang ho fumana kotulo e ntle tshimong ya hae kateng. O lebella ka mamello ho fihlela ho ena pula ya selemo le ya hwetla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos