Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Ruthe 4:6 - BIBELE

6 Yaba eo mong ka yena o re: “Haeba ho tjena, nke ke ka e lopolla, esere ka senya lefa leo e leng la ka. Kaha nke ke ka e lopolla, wena itopollele yona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ebile eo wa habo o re: Tjhe, ke sitwa ho itopollela yona, esere mohlomong ka senya lefa leo e leng la ka; o inkele tokelo ya ka ya ho lopolla e le wena, hobane haele nna, ke sitwa ho e lopolla.

Ver Capítulo Copiar




Ruthe 4:6
8 Referencias Cruzadas  

Yaba Juda o re ho Onane: “Kenela mohatsa moholwane wa hao, o mo tswalle bana, kaha o ngwanabo monna wa hae.”


“ ‘Ha ngwaneno a futsaneha, mme a rekisa karolo ya lefa la hae, wa habo, ya tswalanang le yena, o tla lopolla seo ngwanabo a se rekisitseng.


“Haeba monna eo a sa rate ho kenela mohatsa ngwanabo, mosadi eo wa ngwanabo o tla ya kgorong ya motse, ho baholo, mme a re: ‘Ngwanabo monna ka o hana ho tsosa lebitso la ngwanabo setjhabeng sa Iseraele; ha a batle ho phetha tshwanelo ya hae ho nna.’


Jwale baholo ba motse wa habo ba tla mmitsa, ba bue le yena. Haeba a ngangella, a re: ‘Ha ke rate ho mo kenela,’


mohatsa ngwanabo o tla atamela ho yena, moo baholo ba ntseng ba bona, a mo rodise seeta leotong, a mo tshwele ka mathe sefahlehong, a arabele, a re: ‘Ho etswa tjena ka monna ya hanang ho tsosa ntlo ya ngwanabo!’


Yaba Naomi o re ho ngwetsi ya hae: “Morena ya hauhelang ba phelang le ba shweleng a ke a mo hlohonolofatse.” Naomi a eketsa, a re ho yena: “Monna eo ke seng le rona, re tswalana le yena.”


Robala mona bosiung bona; haeba hosasane a rata ho phetha tshwanelo ya hae ho wena, e tla ba ho lokile. Empa ha a sa rate ho etsa jwalo, ka Modimo ya phelang, nna ke tla etsa jwalo. Phomola mona ho fihlela hosasane.”


Boase a re: “O mang?” Ruthe a araba, a re: “Ke nna Ruthe, lekgabunyane la hao; apesa lekgabunyane la hao ka kobo ya hao, hobane rona le wena re a tswalana.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos