Ruthe 3:7 - BIBELE7 Ha Boase a se a jele, a nwele, mme a thabile, a ya ithoballa pela setha sa harese. Ruthe a ya ho yena ka lenyele, a kwaholla maoto a hae, a botha pela wona. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)7 Eitse hobane Boase a je, a nwe, pelo ya hae e thabile, a ya robala qetellong ya setha sa harese. Ruthe a tla a nanya, a apola maoto a Boase, mme a robala. Ver Capítulo |
Ha monna eo a ema hore a tsamaye le mosadi wa hae wa lefielo, le mohlanka wa hae, mohwe wa hae, e leng ntata ngwanana, a re ho yena: “Ako bone, ho se ho phirima. Ke a o kopa: Hlola mona bosiu bona bohle. Bona letsatsi le se le ilo dikela. Robaletsa mona, o ithabise, hosasane o tle o tsohelle tseleng, o ye ha hao.”