Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Ruthe 3:1 - BIBELE

1 Jwale Naomi, matsala Ruthe, a re ho Ruthe: “Ngwanaka, ke tshwanetse ho o batlela lehae, o tle o dule o iketlile.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ebile Naomi matsalae o re ho yena: Moradi wa ka, na nke ke ka o batlela phomolo, o tle o iketle na?

Ver Capítulo Copiar




Ruthe 3:1
10 Referencias Cruzadas  

Feela o nne o nkgopole ha o se o lokolohile. Ke a o kopa, o ntswele molemo, o bue ka nna ho Faro, o nntshe tlung ena.


O tla ja tholwana tsa mosebetsi, tsa mosebetsi wa matsoho a hao, o tla ba lehlononolo, o be le katleho.


Ha motho a lekanya hore e ka ba ntho e dihlong, ha moradi wa hae e le lefetwa, mme a hopola hore eka kgona taba eo e lokiswe, a etse kamoo a ratang kateng. Ha a etse sebe ha a ka mo nyadisa.


Le tla boloka melao ya hae le ditaelo tsa hae, tseo ke le laelang tsona kajeno, e le hore lona, le bana ba lona, le tle le atlehe, mme le phele halelele naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, hore e be ya lona kamehla yohle.”


Ka hona nka rata ha bahlolohadi ba sa leng batjha, ba ka nyalwa hape, e le hore ba be le bana, ba tsamaise malapa a bona hantle, ba tle ba se ke ba fa mohanyetsi monyetla wa ho bua hampe.


Haeba motho a sa baballe ba habo, haholoholo ba phelang lapeng la hae, o lahlile tumelo, mme o mobe le ho feta eo e seng modumedi.


Morena a ke a nee e mong le e mong wa lona monna le lelapa le tla ba le kgotso.” Yaba Naomi o a ba aka, empa bona ba lla haholo.


Ka mokgwa o jwalo Ruthe a nna a kgwahlapisa le makgabunyane a Boase ho fihlela ho qetwa ho helwa harese le koro. Ruthe a nna a dula le matsalae.


Ha ke re Boase, eo o kileng wa sebetsa le makgabunyane a hae, ke seng le rona? Bona, bosiung bona o tla be a olosa harese seotlong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos