Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Ruthe 1:17 - BIBELE

17 Moo o tla shwela teng ke tla shwela teng, mme ke tla epelwa hona teng. Morena a nkahlole ka ho fetisa ha re ka arohanngwa ke ho hong, haese ke lefu.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ke tla shwa moo o shwang, ke epelwe teng. Jehova a nketse ka hore le ka hore, ha nka kgaohana le wena, haese ka lefu.

Ver Capítulo Copiar




Ruthe 1:17
18 Referencias Cruzadas  

Itai a araba kgosi, a re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka monga ka, kgosi ya ka e phelang, moo monga ka, kgosi ya ka, a tla ba teng, ebang o tla shwa kapa a phele, le hona moo mohlanka wa hao o tla ba hona teng.”


Ho Amasa le tle le re: ‘Na wena ha o madi eso? Morena a nketse tjena le tjena, le ho feta, haeba o ke ke wa ba molaodi wa mabotho sebakeng sa Joabe, kamehla ha ke ntse ke phela.’ ”


Jwale setjhaba sohle sa tla ho Davida, sa re a je e sa ntsane e le motsheare, empa Davida a hlapanya, a re: “Modimo a nkotle tjena, le ho feta, haeba ekare letsatsi le eso dikele ka ja bohobe kapa ho hong feela.”


Modimo a ke a otle Abinere tjena, le ho feta, haeba nke ke ka etsetsa Davida seo Modimo a mo hlapanyeditseng sona,


Kamora hoba a se epele, a re ho bara ba hae: “Ha ke se ke shwele, le tle le nkepele ka lebitleng leo moporofeta wa Modimo a epetsweng ka ho lona; masapo a ka le a bee pela masapo a hae.


Yaba Jesabele o roma leqosa ho Elia, o re: “Haeba hosasane, ka yona nako ena, ke sa o bolaya jwalokaha o bolaile baporofeta, le nna medimo e ke e nketse jwaloka bona, e be e fetise moo.”


Kgosi Solomone a hlapanya ka lebitso la Morena, a re: “Modimo a nketse tjena le tjena, esitana le ho feta, haeba nke ke ka bolaya Adoniya ka baka la kopo ena.


Bene-Hadade a boela a romela molaetsa ho yena, a re: “Ke tla futuhela Samaria ka boiyane ba bahlabani, hoo ha e mong le e mong wa bona a ka ngwatha lefupu la mobu wa teng, o ke ke wa ba lekana. Haeba ke sa etse jwalo, medimo e nketse tjena le tjena, esita le ho fetisa moo.”


Jwale kgosi ya re: “Modimo a nketse tjena le tjena, le ho feta mona, haeba hona kajeno nke ke ka kgaola hlooho ya Elisha, mora wa Shafate.”


Kgosatsana di teng hara mafumahatsana, mafumahatsana a hao a lomphehang; mofumahadi o eme tsohong la hao le letona, o eme a kgabile ka kgauta ya Ofire.


Ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, a kgothaletsa bohle hore ba kgomarele Morena ka pelo tse tiileng,


Empa ha ke re letho ka bophelo ba ka, ha feela nka phetha mosebetsi wa ka, le tshebeletso eo ke neng ke e amohele ho Morena Jesu, ya ho paka tsa molaetsa o molemo wa mohau wa Modimo.


Empa Ruthe a re: “O se ke wa nqobella hore ke kgaohane le wena, kapa hore ke se ke ka tsamaya le wena, hobane “moo o yang teng ke tla ya teng, moo o phelang teng ke tla phela teng; tjhaba sa heno e be tjhaba sa heso, Modimo wa hao e be Modimo wa ka.


O tla o tshedisa, a o fepe dilemong tsa botsofadi ba hao. Ngwetsi ya hao e o rata haholo, mme e molemo ho wena ho feta bara ba supileng.”


Saule a re: “Jonathane, haeba ruri o sa shwe, Modimo a mpolaye!”


Empa haeba ntate a ikemiseditse ho o etsa hampe, Morena le yena a nketse jwalo, le ho feta moo, haeba nna nke ke ka o tsebisa, ka ba ka o lokolla hore o itsamaele ka kgotso. Morena a ke a be le wena jwalokaha a bile le ntate.


Haeba letsatsi le ka tjhaba ke siile monna leha a le mong wa banna bohle ba hae, Modimo a nkotle jwaloka dira tsa Davida, le ho feta.”


Eli a re: “Morena o itseng ho wena? Ke a o rapela: O se ke wa mpatela. Haeba o ka mpatela lentswe lefe kapa lefe la mantswe wohle ao o a boleletsweng, Modimo a o etse jwalo, le ho feta moo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos